1 Ho molemo
ho itjella dikokotwana,
ho itjella tsona ka kgotso,
ho ena le ho phela tlung
e nang le kgora le diqabang.
2 Mohlanka ya masene
a ka busa mora,
a busa mora ya sethoto
wa monga hae,
a arolelwa lefa
jwaloka bana ba monga hae.
3 Silefera e hlwekiswa
ka ho qhibidiswa pitseng,
kgauta yona e hlwekiswa
ka sebopi sa yona;
athe dipelo tsona
di hlahlojwa ke Morena.
4 Ya etsang bokgopo
o mamela polelo tsa leshano,
ya leshano yena
o mamela tsa bokgopo.
5 Ya somang mafutsana
o soma Mmopi wa hae,
ya thabelang tsietsi tsa e mong
yena o tla otlwa.
6 Ditloholwana ke mofapahlooho,
mofapahlooho a boraputswe,
bana ba ithaba
ka batswadi ba bona.
7 Sethoto ha se lokelwe
ke puo tsa bokgeleke,
puo ya leshano ha e lokele kgosana.
8 Tjotjo ke hakwe la bohlokwa,
ke la bohlokwa ho mo-e-fani,
e mo atlehisa
ho tsohle tseo a di etsang.
9 Ya lalang diphoso ka mmele
o qeka ho ratwa,
athe ya di pepesang
yena o senya setswalle.
10 Ya bohlale
o phakisa ho amohela kgalemo,
thoto ha se shapuwa halekgolo
ha se mamele.
11 Motho ya kgopo
o thabela meferefere,
ya jwalo o romellwa leqosa,
leqosa le sehloho.
12 Ho molemo ho kopana
le bere e tshehadi,
bere e nketsweng madinyane a yona,
ho ena le ho kopana
le sethoto se poqang
bothotong ba sona.
13 Ya buseletsang botle ka bokgopo,
bokgopo bo ke ke ba tloha
lapeng la hae.
14 Qabang e qala jwaloka metsi
a faposwa mosele,
wena e kwekwetle e eso ka e kekela.
15 Ya lokollang ya kgopo
le ya ahlolang ya lokileng,
bobedi ba bona
ke manyala ho Morena.
16 Thuso ke efe,
ya ho nea sethoto tjhelete
athe ha se na kutlwisiso
ya ho reka bohlale?
17 Motswalle o na le lerato kamehla,
ngwanabo motho
o tswaletswe ho thusa,
ho thusa mohla tsatsi la ditsietsi.
18 Ya hlokang kelello
o itlama ka ditshepiso,
o itlama ho lefa
melato ya ba bang.
19 Ya ratang diphapang o rata sebe,
ya ikgohomosang o ipitsetsa timelo.
20 Motho ya pelo e kgopo
ha a atlehe;
ya leme le tletseng thetso
o tla timela.
21 Ya tswalang sethoto
o itswalla ditsietsi,
ntata sethoto o hloka thabo.
22 Pelo e thabileng
e tseba ho fodisa,
empa moya o hlorileng
o tepeletsa mmele.
23 Motho ya kgopo
o amohela tjotjo sephiring,
ka yona o kgopamisa ditsela tsa toka.
24 Bohlale bo mahlong a ya masene,
mahlo a sethoto wona
a thalatsa kahohle.
25 Mora ya sethoto
o tlisa masisapelo ho ntatae,
bohloko ba pelo ya mmae
bo baba seka leshokgwa.
26 Ke phoso ho ahlola motho
a se na molato,
kapa ho otlela mahosana
ho loka ha wona.
27 Ya nang le tsebo
o tswara leme la hae,
ya nang le kutlwisiso
ha a ke a halefa.
28 Sethoto ha se kgutsitse
ho thwe se hlalefile,
se na le kutlwisiso
ha se tshwara leme la sona.