MAELE 16

1 Pelo ya motho e rera merero,

tseo a di buang

di laolwa ke Morena.

2 Ketso tsa motho

di tadimeha di lokile ho yena,

empa Morena

o lekola sepheo sa hae.

3 Bea mesebetsi ya hao

atleng tsa Morena,

mme merero ya hao

e tla phethahala.

4 Tsohle Morena o di entse

ka morero wa hae,

le ya kgopo

tsatsi la ditlokotsi le mo emetse.

5 Motho ya ikgantshang,

Morena o a mo nyonya,

ya jwalo Morena o tla mo ahlola.

6 Sebe se hlakolwa

ke lerato le botshepehi;

ya tshabang Morena

bobe o tla bo phema.

7 Eo metsamao ya hae

e kgahlang Morena,

Morena o mo phedisa

ka kgotso le dira tsa hae.

8 Sejosenyane se molemo

ha se fumanwe ka toka,

ho ena le maruo

a fumanwang ka bolotsana.

9 Motho o itherela tsela ya hae,

empa ke Morena ya mo tataisang.

10 Diqeto tsa kgosi

di tswa ho Modimo,

ha e ahlola e ahlola ka toka.

11 Tekanyo tse nepahetseng

ke tsa Morena,

majwe a supang boima

a entswe ke yena.

12 Kgosi di nyatsa ketso tse manyala

ho loka hona ho tsitsisa mmuso.

13 Molomo o buang tse lokileng

o thabisa dikgosi,

dikgosi di rata motho ya buang nnete.

14 Kgalefo ya kgosi

e tshwana le ya tlisang pehi,

empa ya bohlale

o kokobetsa kgalefo.

15 Ho thaba ha kgosi ho a phedisa,

mohau wa yona

o ka leru la pula selemo.

16 Ho fumana bohlale

ho molemo ho feta kgauta,

ho fumana kutlwisiso

ho molemo ho feta silefera.

17 Tsela ya ba lokileng

e kgeloha bobe,

ya e hlokomelang

o baballa bophelo ba hae.

18 Boikakaso bo etella timelo pele,

boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.

19 Ho molemo ho ikokobetsa

o le hara mafutsana,

ho ena le ho arolelana kgapo

le baikgohomosi.

20 Ya elang ditaelo hloko o a atleha,

ya tshepang Morena

o a hlohonolofala.

21 Ya bohlale

ho thwe o na le kutlwisiso,

polelo tse monate tsona

di a kgodisa,

22 Bohlale ke diba sa bophelo

ho ya nang le bona,

ho ruta dithoto

ke ho itshenyetsa nako.

23 Ya bohlale

o hlalefiswa ke pelo ya hae,

le seo a tla se bua

o se rutwa ke yona.

24 Polelo tse monate

di ka mahe a dinotshi,

moyeng di a hlabosa,

di matlafatse mmele.

25 Tsela e teng e bonahalang

e lokile ho monga yona,

empa e qetella ka ho isa lefung.

26 Sekgothadi se a itshebeletsa,

se itshebeletsa ka thata,

hobane se lakatsa ho ikgotsofatsa.

27 Senokwane se rera bobe,

molomong wa sona

ho tswa tse tjhesang sa malakabe.

28 Motho ya kgopo o duka kgotso,

mosebi yena o qabanya metswalle,

metswalle ya hlooho ya kgomo.

29 Motho ya dikgoka

o hohela ya ahisaneng le yena,

a mo tsamaise tseleng tse sa lokang,

30 Ya robang leihlo o rera bokgopo,

ya petlang melomo

bobe o sa bo entse.

31 Moriri o moputswa

ke mofapahlooho o kgabane,

o fumanwa

ke ya phelang ka ho loka.

32 Ya nang le mamello

o molemo ho feta ya dikgoka,

ya itshwarang ha a halefile

o feta ya hapang motse.

33 Batho ba laola ditaba ka lotho,

empa diqeto tsona ke tsa Morena.