1 Ya arabang ka boikokobetso
o tima kgalefo,
empa polelo e kgahlapetsang
e baka bohale.
2 Leme la ya bohlale
le ratisa batho tsebo,
empa molomo wa sethoto
o kopotsa bothoto.
3 Mahlo a Modimo a bona kahohle,
a disa ba kgopo le ba lokileng.
4 Leme le thabisang
ke fate sa bophelo,
empa le thetsang
le senya pelo ya motho.
5 Sethoto se nyedisa
thuto ya ntata sona,
athe ya ratang kgalemo
yena o a hlalefa.
6 Ka tlung ya ya lokileng
leruo le teng,
empa ya kgopo
leruo le mmakela ditsietsi.
7 Molomo wa ya bohlale o jala tsebo,
pelo ya ya sethoto yona e mpe.
8 Mahlabelo a ya kgopo
ke manyala ho Morena,
empa thapelo ya ya lokileng
e a mo kgahla.
9 Ditsela tsa ya kgopo
ke manyala ho Morena,
ya labalabelang ho loka
yena o a mo rata.
10 Ya kgelohang tsela o tla otlwa haholo,
ya hloileng kgalemo yena o tla timela.
11 Morena o tseba
tse ka Nqalong ya Bafu,
le tse ka ho ya Timelo o a di tseba,
a ka sitwa keng ho tseba
makunutu a batho?
12 Mosomi yena o hloile kgalemo,
le ho ba bohlale
a ke ke a batla keletso.
13 Pelo ha e thabile
sefahleho se kganya kgotso,
empa ha e hlomohile
motho o utlwa bohloko.
14 Ya nang le kutlwisiso
o labalabela tsebo,
athe dithoto tsona
di labalabela bothoto.
15 Ya tshwenngwang
o phela habohloko ka nako tsohle,
ya thabileng
yena o keteka kamehla.
16 Sejosenyane se molemo
ha o tshaba Morena,
ho ena le maruo
a o bakelang ditsietsi.
17 Ho molemo ho ja moroho
o fanwang ka lerato,
ho ena le matshufu
a fanwang ka lehloyo.
18 Motho ya bohale o baka diqabang,
ya nang le mamello yena o a di fedisa.
19 Tsela ya sekgoba
e ririellane meutlwa,
athe ya ya lokileng
yona e bataletse hantle.
20 Ngwana ya bohlale o thabisa ntatae,
empa sethoto sona
se nyedisa le mma sona.
21 Ya hlokang bohlale
o thabiswa ke bothoto,
ya nang le kutlwisiso
yena o etsa ho lokileng.
22 Ya sa rateng dikeletso
merero ya hae e a nyopa,
ya eletswang ke ba bangata
yena o a atleha.
23 Karabo e nepahetseng
e thabisa monga yona,
e tlang ka nako ya yona
e molemo hakaakang!
24 Ho ya bohlale
tsela ya bophelo ke e yang hodimo,
ho mo phemisa
ho theohela lebitleng.
25 Morena o timetsa
lapa la moikgantshi,
empa o sireletsa
moedi wa lapa la mohlolohadi.
26 Mehopolo ya ya kgopo
ke manyala ho Morena,
polelo tsa ya lokileng
tsona di kgahlisa Morena.
27 Ya meharo
o tlisetsa lapa la hae tsietsi,
Ya hloileng tjotjo yena o tla phela.
28 Ya lokileng o inahana a eso arabe,
molomong wa ya kgopo
bokgopo bo a kopotsa.
29 Morena o emeletse thoko,
thoko le ba kgopo,
thapelo ya ba lokileng
o e sekehela tsebe.
30 Ho tadima motho hantle
ho thabisa pelo ya hae,
taba tse molemo di mo tsosa molota.
31 Ya mamelang kgalemo
e isang bophelong,
o tla dula hamonate hara ba bohlale.
32 Ya sa natseng thuto o a inyedisa,
empa ya mamelang kgalemo
o ekeletswa kutlwisiso.
33 Ho tshaba Morena
ho ruta motho bohlale;
ikokobetse pele, mme o tla tlotlwa.