1 Mora ya bohlale
o mamela thuto ya ntatae,
empa moikakasi
ha a natse kgalemo.
2 Motho o kgola tholwana tse monate,
tholwana tsa dipuo tsa hae,
ya sa tshepahaleng
yena o lapetse mahahapa.
3 Ya tshwarang leme la hae
o baballa bophelo ba hae,
ya phasolohang feela
yena o tla timela,
4 Sekgoba se a lakatsa,
empa ha se fumane letho,
sekgothadi se a atleha,
se kgotsofatswa ke tsohle.
5 Motho ya lokileng o hloile leshano,
ya kgopo ha a na dihlong,
o a swabisa.
6 Toka e sireletsa ya lokileng,
bokgopo bona
bo kudupanya baetsadibe.
7 E mong o iketsa morui,
a se na letho,
e mong a iketse mofutsana,
a hafa ka nkatana.
8 Bophelo ba motho
bo ka lopollwa ka maruo a hae,
mofumanehi yena
ha a ke a sokelwa ke motho.
9 Lebone la ya lokileng
le tuka haholo,
empa bone la ya kgopo
lona le tla tingwa.
10 Dikgang di hlahiswa ke boikakaso,
bohlale bo fumanwa
ho ba mamelang dikeletso.
11 Maruo a bolotsana a tla fela hang,
a kolletswang kahanyane
wona a a eketseha.
12 Tshepo e sa phethahaleng
e nyahamisa pelo,
takatso tse phethahatswang
di ka fate sa bophelo.
13 Ya nyefolang dikeletso
o tla timela,
ya bolokang molao
o tla amohela moputso.
14 Thuto ya ya bohlale
ke sediba sa bophelo,
e phemisa motho maraba a lefu.
15 Kelello e tjhatsi ho bohle
e a kgahleha,
tsela ya ba sa tshepahaleng
e isa timelong.
16 Motho ya bohlale
o sebetsa ka kelello,
sethoto sona
se pepesa bothoto ba sona.
17 Leqosa le kgopo
le welwa ke ditsietsi,
moromuwa ya tshepahalang
o tlisa tse molemo.
18 Bofuma le dihlong
di wela ya hanang kgalemo,
tlotla e aparela
ya sa haneng ho nyatsuwa.
19 Se labalabelwang ha se fihletswe
se a thabisa,
dithoto tsona ha di rate ho tela bobe.
20 Ya tsamayang le bahlalefi
o a hlalefa,
molekane wa dithoto
yena o a thotofala.
21 Bobe bo salama baetsadibe,
ba lokileng bona
ba putswa ka tse molemo.
22 Monna ya lokileng
o siela tloholo tsa hae lefa,
leruo la moetsadibe
ke lefa la ba lokileng.
23 Masimong a mofutsana
tjhai e ba ngata,
ba hlokang toka bona ba a e fedisa.
24 Motho ya sa shapeng mora hae
o mo hloile,
athe ya ratang mora hae
yena o a mo kgalema.
25 Ya lokileng o a ja,
a ikgotsofatse,
empa ya kgopo
yena o ngongorehela dijo.