MAELE 12

1 Ya ratang ho lauwa o rata tsebo,

ya hloileng ho kgalengwa

ke phoofolo ya naha;

2 ya lokileng

Morena o a mo hauhela,

ya merero e mebe

yena o a mo ahlola.

3 Bokgopo

ha bo ke be bo bope motho,

ba lokileng bona

ba ke ke ba sisinngwa.

4 Mosadi ya lokileng

ke moqhaka ho monna wa hae,

ya hlabisang dihlong

yena ke mofetshe,

ke mofetshe

o jang monna hae masapo.

5 Merero ya ya lokileng e nepahetse,

keletso tsa ya kgopo di tletse thetso.

6 Polelo tsa ya kgopo

ke maraba a ho bolaya,

empa tsa ya lokileng

tsona di a pholosa.

7 Ho hlolwa ha ba kgopo

ke ho fela ha bona,

athe lapa la ya lokileng

lona le tiya kamehla.

8 Motho o babatswa

ka baka la bohlale ba hae,

empa ya pelo e kgopo

yena o a nyediswa.

9 Ho molemo ho nyatswa

o ena le kgoba le le leng,

ho ena le ho hlomphuwa

o bolawa ke tlala.

10 Ya lokileng

o baballa phoofolo ya hae,

mohau wa ya kgopo

o kwetlile sehloho.

11 Ya lemang masimo a hae

o tla tjhaya haholo,

ya pheellang mafeela

yena o hloka kelello.

12 Ya kgopo o labalabela

qhoqha ya mahahapa,

empa ya lokileng yena o a atleha.

13 Motho ya kgopo

puo tse mpe tsa hae di a mo kgata,

empa ya lokileng

yena o phema tsietsi.

14 Motho e mong o atlehiswa

ke dipuo tsa hae,

athe e mong o putswa

ho ya ka mesebetsi ya hae.

15 Tsela ya sethoto

e bonahala e lokile ho sona,

empa ya bohlale o amohela keletso.

16 Sethoto se sitwa ho itshwara

ha se halefa,

empa ya bohlale

o iphapanyetsa dikgopiso.

17 Paki ya sebele

e bua nnete eo e e tsebang,

empa ya bohata yona e bua leshano.

18 Polelo tsa ya phasolohang

di hlaba jwaloka sabole,

leleme la ya bohlale lona le a fodisa.

19 Polelo tsa nnete di hlola kamehla,

athe leshano ha le na mokoka.

20 Pelong tsa ba rerang bobe

ho tletse thetso,

empa tsa ba rerang kgotso

tsona di tletse thabo.

21 Ba lokileng

ba ke ke ba hlahelwa ke ditsietsi,

empa ba kgopo

ba tla aparelwa ke bobe.

22 Morena o hloile motho

ya buang leshano,

empa ya buang nnete

yena o a mo thabisa.

23 Mohlalefi ha a boledisake

tsebo ya hae,

sethoto sona

se pepesa bothoto ba sona.

24 Ya sebetsang ka thata

ke yena ya tla busa,

empa sekgoba sona

se tla fetoha lekgoba.

25 Ho feha matshwafo

ho nyahamisa pelo ya motho,

polelo e monate yona e a e thoba.

26 Ya lokileng ke mohlala

ho ba ahisaneng le yena,

ba kgopo ba tsamaya

tseleng e kgelosang.

27 Sekgoba se kgutla tsholong

se itlhophere,

athe tjhai ya sehwai e sasamatsa disiu.

28 Tsela tse lokileng di isa bophelong,

di kutlehile hantle, ha di ise timelong.