Molemo wa Maele
1 Ana ke maele a Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele,
2 a rutang motho
bohlale le kgalemo,
le ho utlwisisa
polelo tse tebileng;
3 a rutang bohlale, ho loka,
kutlwisiso, le ho nepahetseng.
4 Ya se nang tsebo
o tla hlalefiswa ke wona,
mohlankana a rue tsebo le kelello.
5 Ya bohlale a a mamele,
a eketse tsebo le kutlwisiso,
ya nang le kutlwisiso
a fumane tataiso,
6 a utlwisise maele le dipapiso,
polelo le dilotho tsa ba bohlale.
Keletso ho batjha
7 Ho tshaba Modimo
ke qaleho ya tsebo,
empa dithoto di nyedisa bohlale,
di nyedisa le tayo
8 Mora ka, mamela tayo ya ntatao,
o se furalle thuto ya mmao.
9 Tsena ke moqhaka
wa bokgabane hloohong,
le lepetu le bohehang
molaleng wa hao.
10 Mora wa ka,
ha baetsadibe ba o hohela,
o se ke wa ineela ho bona.
11 Ha ba re: “Tloo le rona,
re yo lalla motho re mmolaye,
re tsholle madi
a ba se nang molato;
12 re ba metse ba phela
sa Nqalo ya Bafu,
re ba metse bokwiditane
sa ba welang ka mohohlong;
13 matlotlo a bohlokwa re tla a hapa,
matlo a rona a tlale kgapo ya rona;
14 rona le wena a re ikopanye,
mokotla o be mong, re arolelane.”
15 Mora wa ka,
se tsamaisane tsela le bona,
mohlaleng wa bona
o se ke be wa hata.
16 Maoto a bona a titimela bobeng,
a potlakela ho ya tsholla madi.
17 Ke bothoto ho tjheha leraba
moo nonyana e ntseng e le bona.
18 Banna bana ba emetse lefu la bona,
ba itjhehetse leraba ka bobona.
19 Ba fella jwalo
ba ithuisang ka bolotsana,
bophelo ba bona
bo fediswa ke matsoho a bona.
Bohlale bo a meketsa
20 Tseleng tsohle bohlale bo a meketsa,
mabaleng a motse bo a tlerola.
21 Hara mmidimidi bohlale bo a howa,
bo phatlalatsa puo tsa bona
kgorong tsa motse, bo re:
22 “Lona ba se nang tsebo,
le tla rata ho se be le tsebo
ho fihlela neng?
Basomi ba thabele ho soma
ho fihlela neng?
Thoto di hloye tsebo
ho fihlela neng?
23 Hoja le ka mamela kgalemo ya ka,
pelo ya ka nkabe ke le bulela yona,
mehopolo ya ka ke le tsebisa yona.
24 Kaha le hanne ha ke le bitsa,
ha ke otlolla tsoho la ka
la se ke la ela hloko;
25 kaha keletso ya ka
le sa ka la e natsa,
le kgalemo ya ka
le sa e mamela;
26 koduweng ya lona
ke tla le ja tlepane,
ke le je ditsheho
ha tlokotsi e le wela hodimo.
27 Ha tlokotsi e le wela hodimo,
e le wela hodimo sa sefefo,
koduwa e le fefola,
e le fefola sa setsokotsane,
mahlomola le mapalesapelo
a le sithabeditse,
28 ba tla ipiletsa ho nna
ke se ke ka ba araba,
ba mpatle ba se ke ba mphumana.
29 Kaha ba hloile tsebo,
ba ikgethetse ho se tshabe Modimo;
30 kaha keletso ya ka ba sa e amohela,
ba nyedisitse kgalemo ya ka yohle,
31 kahoo ba tla kotula
seo ba se jetseng,
ba kgore ditholwana
tsa ditakatso tsa bona.
32 Ba se nang tsebo
ba a bolawa ke ho kgeloha ha bona,
dithoto tsona di a timela,
di timetswe
ke ho se tsotelle ha tsona.
33 Ya mmamelang
o tla phela a sireletsehile,
a phele ka boiketlo
a sa tshabe bobe.”