esere leoto la hao
la kgoptjwa ke lejwe.> ”
12 Jesu a araba, a re ho yena: “Ho itswe: O se ke wa leka Morena Modimo wa hao!”
13 Ha Diabolosi a qetile ho mo leka kahohle a kgaohana le yena ka nakwana.
Jesu o qala tshebetso ya hae Galelea
14 Yaba Jesu a kgutlela Galelea a tletse matla a Moya o Halalelang; botumo ba hae ba phatlalla tikolohong yohle.
15 A ruta matlung a bona a thapelo, a tlotliswa ke bohle.
Jesu o hanwa Nasaretha
16 A ya Nasaretha, moo a holetseng teng, mme ho ya ka tlwaelo ya hae a kena ka tlung ya thapelo ka tsatsi la Sabatha, a ema, hore a tle a bale.
17 A neelwa buka ya moporofeta Esaya, mme hoba a e phetle, a fumana moo ho ngotsweng, ho thwe:
18 “Moya wa Morena o hodima ka
hobane a ntlotseditse
ho bolella mafutsana
molaetsa o molemo,
o nthometse
ho phatlalletsa bathopuwa
tsa tokoloho,
le difofu hore di tla tutuboloha,
le ho lokolla ba hateletsweng,
19 le ho phatlalatsa lemo sa Morena
sa mehauhelo.”
20 Hoba a kwale buka, mme a e kgutlisetse ho mothusi, a dula, mme mahlo a bohle ba ka tlung ya thapelo a eba hodima hae.
21 A qala ka ho re ho bona: “Kajeno temana ena ya Mangolo e phethahetse moo le utlwang.”
22 Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?”
23 A re ho bona: “Ka sebele le tla mpolella maele ana, le re: Tsohle tseo re di utlwileng hore di etsahetse Kaperenauma, di etse le mona motseng wa heno.”
24 Jwale a re: “Ruri ke a le bolella, ke re: Ha ho moporofeta ya amohelehang motseng wa habo.
25 “Kannete ke a le bolella, ho ne ho ena le basadi ba bangata ba bahlolohadi Iseraeleng mehleng ya Elia, pula e sa ne ka dilemo tse tharo le dikgwedi tse tsheletseng, tlala e kgolo e le teng naheng eo yohle.
26 Empa Elia ha a a ka a romelwa le ho ya mong wa bona, haese ho mosadi wa mohlolohadi, Sarepeta, naheng ya Sidone.
27 Ho ne ho bile ho ena le balepera ba bangata Iseraeleng mehleng ya moporofeta Elisha, mme ha ho a ka ha hlwekiswa le ya mong wa bona, haese Mosiria Naamane feela.”
28 Bohle ba ka tlung ya thapelo ba tlala kgalefo ha ba utlwa tsena,
29 ba ba ba ema, ba mo kgarameletsa kantle ho motse, ba mo isa selomong sa thabana eo motse wa bona o hahilweng letswapong la yona, ba re ba a mo dihela,
30 empa yena a phunyeletsa hara bona, a ikela.
Motho ya nang le moya o ditshila
31 A theohela Kaperenauma, e leng motse wa Galelea. A ruta e le ka Disabatha,
32 mme batho ba hlollwa ke thuto ya hae, hobane mantswe a hae a ne a ena le matla.
33 Ho ne ho ena le monna ka tlung ya thapelo ya nang le moya o ditshila wa modemona; a howa ka lentswe le matla, a re:
34 “Wee! O re kene kang, Jesu wa Nasaretha? Na o tlile ho re timetsa? Ke a tseba hore na o mang: o Ya Halalelang wa Modimo.”
35 Jesu a mo kgalemela, a re: “Thola! Tswa ho yena!” Yaba modemona o tabanya motho eo fatshe hara batho, o tswa ho yena o sa mo ntsha kotsi.
36 Bohle ba hlollwa, mme ba buisana, ba re: “Taelo ee ke e jwang, hore ebe o laela meya e ditshila ka borena le ka matla, mme e tswe?”
37 Jesu a tumiswa dibakeng tsohle tsa tikoloho eo.
Jesu o fodisa batho ba bangata
38 Yare hoba a tswe ka tlung ya thapelo, a kena ha Simone. Jwale mohwehadi wa Simone o ne a tshwerwe ke feberu e bohale, yaba ba mo kopela thuso ho Jesu,
39 Jesu a inamela ho yena, a kgalemela feberu, mme ya mo tlohela; a tsoha hanghang, a nto ba sebeletsa.
40 Ha letsatsi le dikela, bohle ba nang le ba kulang ke malwetse a mefutafuta ba ba tlisa ho Jesu; a bea matsoho hodima e mong le e mong wa bona, mme a ba fodisa.
41 Le bademona ba ne ba etswa ho ba bangata, ba ntse ba howa, ba re: “O Mora wa Modimo!” Empa a ba kgalemela, a se ke a ba dumella ho bua, kaha ba ne ba tseba hore ke Kreste.
Jesu o a ruta
42 Yare ha bo sele Jesu a tswa, a ya nahathothe, mme matshwele a mmatla, a tla ho yena, a mo thiba, hore a se ke a tloha ho wona.
43 A re ho wona: “Eka kgona le metse e meng ke e bolelle molaetsa o molemo wa Mmuso wa Modimo, hobane ke rometswe hoo.”
44 O ne a ruta ka matlung a thapelo a Judea.