JONASE 2

Thapelo ya Jonase

1 Jonase, ha a le ka mpeng ya leruarua, a rapela Morena Modimo wa hae,

2 a re:

“Mahlomoleng a ka

ka ipiletsa ho Morena,

ka ipiletsa ho yena, mme a nkaraba.

Ka kopa thuso

ke le botebong ba Nqalo ya Bafu,

mme wa utlwa lentswe la ka.

3 O ile wa nkakgela kweetseng,

wa nkakgela bodibeng ba lewatle;

wa nkakgela, mme metsi a mpupetsa,

maqhubu a tsudubutlana hodima ka.

4 Ka re:

empa ke tla boela ke bone,

ke bone Tempele ya hao,

Tempele e halalelang.>

5 Ke fihlile kweetseng,

metsi a nkgamme,

lewatle le mpotapotile kahohle,

bolele bo rareditse hlooho ya ka.

6 Ke ne ke tebile,

ke le tlase ho dithaba,

mekwallo ya Nqalo ya Bafu

e nkwalletse ruri;

empa wena Morena Modimo wa ka,

o mpholositse Nqalong eo ya Bafu.

7 “Ha ke ne ke le makgatheng,

makgatheng a ho shwa,

ke ile ka o hopola, wena Morena,

thapelo ya ka ya finyella ho wena,

ka Tempeleng ya hao e halalelang.

8 “Ba kgumamelang

medingwana ya bohata,

ba furalla sediba sa bona sa mohau.

9 Ha e le nna

ke tla o nyehella ka sehlabelo,

ke ntse ke o binela ka teboho,

ke phetha le tsona dikano tsa ka.

Pholoho e tswa ho Morena!”

10 Yaba Morena o laela leruarua hore le hlatsetse Jonase lebopong la lewatle.