Ditsie di dupa letsatsi la Morena
1 Letsang lenaka le le Sione,
le hlabe mokgosi
thabeng ya ka e halalelang!
Baahi bohle ba naha ba thothomele,
hobane letsatsi la Morena
le atametse,
tsatsi la Morena le se le le haufi.
2 Ke tsatsi la lefifi la bo-nka-ntjana,
tsatsi le phetheselang maru,
maru a matshomatsho!
Lebotho le leholo, le matla, le a tla,
le tla hlaha sa mafube dithabeng;
le kaalo ka lona
ha le eso ka le bonwa,
e bile le kaalo ha le sa tla bonwa.
3 Kapele ho lona hlaha e a tjhesetsa,
kamorao ho lona ho tuka malakabe.
Kapele ho lona
naha e ka tshimo ya Edene,
kamorao ho lona
naha e sala e le nanaola;
le a fiela, ha le siye le letho.
4 Ho ropoha ha lona
ho tshwana le ha dipere,
le matha sa dipere,
sa pere tsa ntwa di kgema;
5 le laqoma
hodima ditlhoro tsa dithaba,
lerata la lona e ka la kariki tsa ntwa,
e ka la mollo o qhoma,
o tjhesa matlakala,
e ka la diqhobane
di eme thekong ya ntwa.
6 Ha tjhaba di le bona
e ba di a tlallwa,
fahleho tsohle di pudufale.
7 Le kgoroha jwaloka bahale,
le hlwa marako sa bahlabani.
Le tsamaya le tobile pele feela,
theko ya lona e entse lekaka.
8 Ha le tsamaya
ha le theselane ka ditswe,
mohlabani ka mong
o tsamaya a tobile pele feela.
Le a fohla,
le itukubetse hara marumo,
ha ho letho le ka le emang kapele.
9 Le feresa motse,
le mathe hodima marako,
le hlwelle le kahodima matlo,
le kene ka difesetere se ka mashodu.
10 Ha botho lena le kgoroha,
fatshe le a reketla,
mahodimo le wona a tsukutlehe;
letsatsi le kgwedi di a fifala,
dinaledi di kgaotse ho phatsima.
11 Morena o kgaruma
a eteletse mabotho a hae pele,
hoba mabotho a hae
e hlile ke boiyane;
ke dinatla, a phetha taelo ya hae.
Letsatsi la Morena le leholo,
le leholo le bile le a tshabeha!
E be ke mang ya ka le mamellang?
Setjhaba se ke se itshwabele
12 “Hona jwale,” ho rialo Morena,
“kgutlelang ho nna
ka pelo tsa lona tsohle,
ka ho itima dijo,
ka meokgo le ka dillo.”
13 Pelo tsa lona di ke di swabe,
ho ena le ho hahola
diaparo tsa lona.
Kgutlelang ho Morena,
Morena Modimo wa lona,
hobane o mosa, o mohau,
o dieha ho halefa,
o tletse lerato,
o hauhela ba etsang bokgopo.
14 Mohlomong Morena
a ka nna a hauha,
a boela a le hlohonolofatsa,
a le fa dijo le dino
tsa ho nyehella Morena,
Morena Modimo wa lona.
15 Letsang lenaka le le Sione,
le kgethe letsatsi la ho itima dijo,
le meme phutheho e halalelang.
16 Bokellang setjhaba se kgobokane,
le meme phutheho e halalelang;
phuthang maqheku le phuthe bana,
le phuthe le masea a anyesang.
Monyadi a tswe
ka kamoreng ya hae,
monyaduwa a tswe
ka leqatheng la hae.
17 Pakeng tsa lethule,
lethule la Tempele le aletare,
baprista, bahlanka ba Morena,
ba lle, ba re:
“Hauhela tjhaba sa hao, Morena;
tjhaba sa hao se se fetohe sekgobo,
sa fetoha sesomo hara baditjhaba,
esere baditjhaba ba se soma, ba re:
Morena o boetse o atlehisa naha
18 Morena a boulela naha ya hae,
setjhaba sa hae a se hauhela.
19 Morena a araba tjhaba sa hae,
a re: “Bonang,
ke tla le fa tjhai e ngata,
le tjhaye koro le veine le ole,
le je, le be le di shebe feela,
baditjhaba ba se hlole
ba le etsa sesomo.
20 “Ke tla leleka lebotho
le tswang leboya,
ke le lelekele naheng e ommeng,
naha ya matswatlare,
sehlooho sa lona se lebe
watleng le ka botjhabela,
serao se lebe
watleng le ka bophirima.
Ditopo tsa lona di tla nkga,
di nkge di re phu!
Seputa sa tsona se etse sehou,
hobane lebotho leo
le entse tse kgolo.”
21 Wena lefatshe,
se ke wa tshaba letho;
thaba, mme o nyakalle,
hobane Morena o entse tse kgolo.
22 Lona dibatana tsa naha,
se tshoheng letho,
hobane makgulo a lefeella
a ba matalana;
fate se beha ditholwana tsa sona:
Fate sa feiye le sa morara
di beha haholo.
23 Lona bana ba Sione, thabang,
le thabele Morena Modimo wa lona;
o le neseditse dipula
hobane a lokile,
a le nesetsa pula tsa ditlwebelele,
pula tsa selemo le tsa hwetla
jwaloka pele.
24 Diotlo tsa lona di tla tlala mabele,
merifi e kgaphatsehe veine le ole.
25 “Ke tla le buseletsa,
ke le buseletse se senyehileng,
se jelweng ke ditsie
ka dilemo tse ngata;
sa jewa ke mekgahlelo ya ditsie,
ya se ja, ya se kokona sohle;
lebothohadi leo
ke le neeletseng ka lona.
26 Lona le tla ja
le be le di shebe feela,
le nto boka
Morena Modimo wa lona,
yena ya le etseditseng tse kgolo.
Tjhaba sa ka se ke ke
sa hlola se tlontloloha!
27 Le tla tseba
hore ke na le Baiseraele,
le hore nna Morena
ke Modimo wa lona,
ebile ha ho modimo e mong;
tjhaba sa ka se ke ke
sa hlola se tlontloloha!”
Letsatsi la Morena
28 “Etlare hoba tsena di phethahale,
ke theolele Moya wa ka
hodima batho bohle;
bara le baradi ba lona
ba tla porofeta,
bannabaholo ba lona
ba tla lora ditoro,
bahlankana ba lona
ba tla bona dipono.
29 Le hodima bahlanka ba ka
le makgabunyane a ka
ke tla theolela Moya wa ka
matsatsing ao.
30 Ke tla etsa dimakatso
hodimo, lehodimong,
le mehlolo fatshe, lefatsheng:
madi, le mollo, le mouwane wa mosi.
31 Letsatsi le tla fifala,
kgwedi e tla ba kgubedu jwaloka madi,
pele letsatsi le leholo la Morena,
le kgethehileng, le fihla.
32 Mang le mang ya tla rapela Morena
o tla pholoswa,
hobane Thabeng ya Sione,
motseng wa Jerusalema,
pholoho e tla ba teng,
jwalokaha Morena a boletse,
bakeng sa masalla
ao Morena a a bitsang.