Jobo o re o sitwa ho araba Modimo
1 Morena a boela a re ho Jobo:
2 “Na monyatsi a ka phea kgang
le Ya Matla wohle?
Ya nyatsang Modimo a ke a arabe!”
3 Yaba Jobo o araba Morena, o re:
4 “Bona, ha ke letho!
Nka o araba jwang?
Ka tsoho la ka
ke thiba molomo wa ka.
5 Ke se nkile ka bua,
nke ke ka hlola ke araba;
ke ile ka bua habedi,
nke ke ka bua ho feta moo.”
Phoofolo tse hlaha di laolwa ke mang?
6 Morena a araba Jobo a ntse a le kahara sefefo, a re:
7 “Itlame letheka, o eme senna,
ke o botse dipotso,
wena o nkarabe.
8 “Na kahlolo ya ka
o tla fela o e hanyetse,
ebe o mpea molato,
hore o itokafatse?
9 Na tsoho la hao
le tshwana le la Modimo,
hoo o ka kirietsang
ka ntswe le kang la hae?
10 Ikgabise he ka tlotla
le ka bokgosi,
o ikapese ka hlompho
le botlotlehi.
11 Filo la kgalefo ya hao
o hlo le hlatse,
ha o bona moikgohomosi
o mo kokobetse;
12 ha o bona moikgohomosi
o mo theole,
o tlabikelle ba kgopo
tulong tsa bona;
13 o ba epele leroleng ba le mmoho,
topo tsa bona
o di kwahelle ka lebitleng.
14 Jwale le nna
ke tla o thoholetsa, ke re:
le ka o pholosa!> 15 “Tadimisisa kubu hantle! Ke e bopile jwalokaha ke o bopile, empa yona e fula jwang jwaloka kgomo. 16 Ako bone matla a letheka la yona! Bona bothata ba ditshika tsa mohodu wa yona! 17 E peralatsa mohatla wa yona, e o peralatse jwaloka fate sa kedare, ditshika tsa rope tsa yona di teteane; 18 masapo a yona a tshwana le pompo tsa lethose, masapo a yona a tshwana le ditshiya tsa tshepe. 19 Hara mmopo wa Modimo ke thahadima, e ka hlolwa feela ke Mmopi wa yona. 20 Dijo tsa yona di theoha dithabeng, moo phoofolo tsa naha di bapallang teng. 21 E botha tlasa difate tsa leoka, e ipata mokgwabong hara lehlaka. 22 Leoka le e etseditse moriti, e etseditswe sakana-la-nkope, la e etsetswa ke meduwane, meduwane ya melatswana. 23 Ha e balehiswe ke ho tlala ha noka, ha e tshohe leha Jorodane e ka phuthumana, ya phuthumanela ka hanong la yona. 24 E ka tshwarwa ke mang e ntse e shebile, Ya kenngwa kgwathatha ka nkong ke mang?