Elehu o re Modimo o etsa dikgolo
1 “Fefo sena se thefula methapo
ya pelo ya ka,
ere ha e thanya
e be tlohe madulong.
2 Mamedisa ho thwathwaretsa
ha ntswe la Modimo,
o mamele modumo
o tswang molomong wa hae.
3 O dumisa letolo
tlasa mahodimo wohle,
hadima la hae le yo fihla
pheletsong tsa lefatshe.
4 Lentswe le purumang
le latela lehadima,
Modimo o pokosela
ka ntswe la bohosi ba hae;
ha maru a thwathwaretsa
lehadima ha a le thibele.
5 Ho pokosela ha ntswe la Modimo
ho a makatsa;
o etsa dikgolo
tse fetang kutlwisiso ya rona.
6 Ho lehlwa o re:
Ho lefafatsane:
7 Mosebetsi wa motho ka mong
o a o emisa,
batho bohle ba tsebe
mosebetsi wa hae.
8 Batana di hohobela
dilaong tsa tsona,
ebe ka mesimeng ya tsona
di a ipothela.
9 Mamati a tjhankana ya sefefo
a petlekilwe,
meya e pepetlang e tlisa serame.
10 Ha Modimo a phefumoloha
leqhwa le a bopeha,
kahohle metsi a fetohe qhoqhwaane.
11 Maru a matsho
a dusa pula ya motloporo,
ka maru ao,
Modimo lehadima o a le hasa.
12 Maru a ntsa phethesela
tseleng ya wona,
a aparetse lefatshe kahohlehohle,
a phetha taelo
tseo Modimo a di entseng.
13 Modimo a ka nesa pula
e le kotlo ho batho,
kapa a e nesa
hore fatshe le be mongobo,
kapa a e nesa
e le supo sa lerato la hae.
14 “Oho, wena Jobo,
ako mamele sena:
Kgutsa, o ko nahane
dimakatso tsa Modimo!
15 Na o tseba kamoo Modimo
a laolang maru kateng,
le kamoo a etsang
hore hadima la hae le tsekeme?
16 Na o tseba kamoo maru
a tsheheditsweng kateng,
le dimakatso tsa eo tsebo ya hae
e phethehileng?
17 Na o tseba hore aparo
di futhumatsa jwang
ha moya o hlaha borwa,
naha e jele boya?
18 Na o ka mo thusa
ho sarolla mahodimo,
mahodimo a bothata
ba seipone sa lethose?
19 “Re rute hore na
re tle re reng ho yena;
re sitwa ho rala nyewe
hobane re lefifing.
20 Na a ka bolellwa
hore ke rata ho bua le yena?
Haeba motho a ka bua,
ruri o tla timetswa!
21 “Ho jwalokaha moya o fefera maru,
tsatsi le sala mmanameng le kganya,
batho ba sitwa ho le tadima
ke ho ba fahla;
22 le hlaha ka leboya e ka kgauta,
tlotla ya Modimo
e re kenyetse tshabo.
23 Ya Matla wohle
re ke ke ra mo fihlela,
o re phahametse ka matla
le ka dikahlolo,
a ke ke be a sokamisa toka ya hae.
24 Ka baka leo,
batho bohle ba a mo tshaba,
bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”