Elehu o babatsa boholo ba Modimo
1 Elehu a tswela pele, a re:
2 “Bea butle ho se hokae,
nke ke o bontshe:
Polelo tse emelang Modimo
di sa le teng.
3 Tsebo ke tla e fuputsa
hole le hohle,
ha ke buella ho loka
ha Mmopi wa ka.
4 Polelo tsa ka hase tsa bosawana;
ya buang le wena
ke monna wa mohlalefi.
5 “Modimo o matla,
empa ha a nyedise batho;
ha ho letho leo a sa le tsebeng.
6 A ke ke a tlohela
moetsadibe a phela,
empa mafutsana
o a sebeletsa ka toka.
7 Ba lokileng ha a kgaotse
ho ba hlokomela,
o ba bea le dikgosi
hodima diterone;
o ba bea teng,
a ba phahamise kamehla yohle.
8 Empa ha ba tlamilwe
ka mahlaahlela,
ba bofilwe
ka kgwele tsa tlokotsi,
9 o ba supisa mesebetsi ya bona,
dibe tse entsweng ka boikgantsho.
10 O etsa hore
ba mamele kgalemelo ya hae,
a ba laele hore
ba furalle bokgopo.
11 Ha ba mo mamela, ba mo sebeletsa,
ba tla qeta matsatsi a bona
ka boiketlo,
lemo tsa bona
ba di qete ba atlehile.
12 Empa ha ba ithiba ditsebe,
ba sa mamele,
lefu la bona e tla ba la sabole,
ba be ba shwe tsebo ba se na yona.
13 “Baetsadibe ba tletse kgalefo
dipelong tsa bona,
leha ba se ba tlamilwe
ha ba ke ba kopa thuso.
14 Ba shwa ba sa le batjha,
ba shwe ba phela le bo-ramaotwana.
15 Ba ditlokotsing
o ba pholosa ka ditlokotsi,
a thibolle tsebe tsa bona
ka matshwenyeho.
16 “Le wena
a ka ba o ntshitse ditsietsing,
a o isitse bakeng
se sa patisanang,
moo tafole ya hao
e tla tlala mapetle!
17 Kahlolo ya ba kgopo
e o wetse hodimo,
kahlolo le toka di se di o maname.
18 Hlokomela, esere maruo a o hohela,
o se ka dumela
ha tjotjo e o kgelosa.
19 Ha o llela thuso,
maruo a hao a ke ke
a o tswela molemo,
kapa matla a hao
a o ntsha tsietsing tsa hao.
20 Se labalabele
bosiu ba kahlolo ho fihla,
ha tjhaba di timela
dibakeng tsa tsona.
21 Hlokomela,
o se sekamele bokgopong,
boo o bo ratang ho feta tlokotsi.
22 “Modimo o phahametse bohle
ka matla a hae;
moruti ke ofe
ya tshwanang le yena?
23 Tsela ya hae
o e kgethetswe ke mang?
Ke ofe ya ka reng ho yena:
24 Hopola ho tlotlisa
mesebetsi ya hae,
mesebetsi eo batho
ba e rokang ka difela.
25 Batho bohle ba bone mesebetsi eo,
ba e boha ba le hole le yona.
26 Modimo o moholo
ho feta kutlwisiso ya rona,
palo ya lemo tsa hae
ha re ka ke ra e fihlela.
27 “O monya marothodi a metsi,
ka mouwane wa ona
ebe o nesa pula.
28 Maru a pula
a tlhotlela diphororo fatshe,
mafafatsane e be ditlwebelele,
e be ditlwebelele ho batho.
29 Ya tsebang ho thiba ha maru
ke mang,
le ho thwathwaretsa
ha lehodimo la hae?
30 Hadima la hae
le takolotsa le lehodimo,
botebo ba lewatle
o a bo kguruma.
31 Ke ka tsona a ahlolang ditjhaba,
ke ka tsona a di fang nala.
32 O tshwere lehadima
ka matsoho a hae,
o laela hore le otle botsekeng.
33 Letolo ke selelekela
sa sefefo sa hae,
ho tla ha sona
le diphoofolo di a ho tseba.”