JOBO 35

1 Elehu a bua hape, a re:

2 “Na o bona ho nepahetse

ha o re:

3 O re ho yena:

ke tla boellwa keng

ka ho se etse sebe?>

4 “Jwale nna polelo tsa hao

ke tla di araba,

le tsona tsa metswalle ya hao.

5 Lelalla mahodimong o ke o bone,

tadima maru a o phahametseng.

6 Ha o etsa sebe

Modimo o mo senyetsa eng?

Ha o ngatafatsa tshito tsa hao,

hoo hona ho mo etsetsa eng?

7 Haeba o lokile o mo nea eng?

Kapa o amohela eng

letsohong la hao?

8 Bokhopo ba hao

bo senyetsa ba jwaloka wena,

ho loka ha hao

ho thusa ba jwaloka wena.

9 “Batho ba lliswa

ke ho hatellwa haholo,

ba llela ho namolelwa

kgokeng tsa ramonatla.

10 Empa ha ho ya reng:

ya re kgothatsang ka difela bosiu,

11 ya re rutang

ho fetisa phoofolo tsa naha,

ya re hlalefisang

ho fetisa nonyana tse fofang?>

12 Leha ba ipiletsa,

yena ha a arabe,

ka baka la boikakaso

ba ba etsang bokgopo.

13 Ruri Modimo a ke ke

a mamela mafeela,

Ya Matla wohle

a ke ke a a natsa.

14 “A ka o mamela jwang,

o re ha o mmone;

o re nyewe ya hao

e kapele ho yena,

wena o so lebeletse yena feela?

15 O ithetsa ka ho re

kgalefo ya hae ke mosesetso,

esita le bokgopo

Modimo ha a bo natse.

16 Ka baka lena, Jobo o bua feela,

o pepeta haholo,

feela a se na tsebo.”