JOBO 34

Elehu o bontsha ho loka ha Modimo

1 Yaba Elehu o tswela pele, o re:

2 “Lona bahlalefi

mamelang polelo tsa ka!

Lona bo-tsebanyane

theang tsebe le mmamele!

3 Tsebe e hlwaya mantswe

ha a buuwa,

jwalokaha dijo

di latsuwa ke mahalapa.

4 A re ikgetheleng

se lokileng ka borona,

a re tsebeng

ka borona se leng molemo.

5 “Jobo o re:

empa Modimo o nkamohile

tokelo ya ka.

6 Le hoja ke nepile tjena

ho thwe ke leshano,

le hoja ke se na sebe,

qeba la ka le hana ho fola.>

7 “Motho ke ofe ya tshwanang le Jobo?

O momorotsa nyefolo

jwalokaha metsi a nowa;

8 yena o tsamaya

mokgatlong wa baetsadibe,

ba kgopo

o tsamaisana tsela le bona;

9 o re:

a putswa ka letho,

leha a leka ho kgahlisa Modimo.>

10 “Lona bahlalefi,

mmameleng ke hona:

Modimo a ke ke

a ba a etsa bokgopo,

Ya Matla wohle a ke ke

a ba a etsa phoso.

11 O putsa motho

ho ya ka mesebetsi ya hae,

o putsa motho

ho ya ka metsamao ya hae.

12 Ruri Modimo a ke ke

a ba a etsa bokgopo,

Ya Matla wohle a ke ke

a kgopamisa ho loka.

13 O beilwe ho okamela lefatshe

ke mang?

Fatshe lohle lona le theilwe

ke mang?

14 Haeba e ne le morero wa hae,

a busetsa moya wa bophelo ho yena,

15 tsohle tse phelang di ne di tla timela,

motho le yena, a kgutlele leroleng.

16 “Ha o le bohlale, ako mamele,

polelo tsa ka o di sekehele tsebe!

17 Na ya hloileng toka,

ho busa a ka ho tseba?

Kapa o ahlola Ya Matla,

Ya Lokileng?

18 Yena ya reng ho kgosi:

ho mahosana:

19 Ha a ye ka leeme

ha a sebeletsa babusi,

morui le mofutsana

ke ditshwantshwang ho yena,

kahoba bohle ke mmopo

wa matsoho a hae.

20 Ka ho panya ha ntshi

ba shwa le hara bosiu,

tjhaba se hlokolehe,

bona ebe ba iketse;

natla di nyamele

di sa angwa ke letsoho la motho!

21 “Mahlo a hae a disitse

metsamao ya batho,

mehato yohle ya batho

le yona o a e bona.

22 Ha ho na lefifi le letsholetsho,

moo baetsadibe

ba ka tsebang ho ipata.

23 Modimo ha a hloke

ho balla batho dinako

ho tla kahlolong, kapele ho yena.

24 O thuakanya bo-ramonatla

ho se na nyewe,

tulong tsa bona ebe o bea ba bang.

25 Ka baka leo,

mesebetsi ya bona o a e tseba,

ba phetholwa e le bosiu,

ebe ba a phetshelwa.

26 Modimo o ba otlela

bokgopo ba bona,

o ba otlela

pontsheng ya batho bohle,

27 hobane ba kgaoditse ho mo latela,

ha ba a ka ba natsa

tsela tsohle tsa hae.

28 Dillo tsa mafutsana

ba di fihlisitse ho yena,

dillo tsa bahlomohi

Modimo o a di utlwa.

29 “Haeba a ikgutsetsa

a ka nyatswa ke mang?

Ha ipata sefahleho,

teng a ka bonwa ke mang?

O okametse batho le ditjhaba

ka ho tshwana.

30 O thibela motho ya kgopo ho busa,

a mo thibele

ha a tjhehela setjhaba maraba.

31 “Haeba motho

a ka re ho Modimo:

nke ke ka sitwa hape;

32 ako nthute tseo ke sa di tsebeng,

haeba ke entse bokgopo

nke ke ka pheta hape;>

33 na o re Modimo

a ye ka thato ya hao,

athe wena o nyatsa diketso tsa hae?

Boikgethelo ke ba hao,

hase ba ka,

kahoo wena bolela

seo o se tsebang.

34 “Ba nang le kutlwisiso

ba tla bolela,

banna ba bohlale,

ba nkutlwang, ba re:

35

polelo tsa hae bohlale di a bo hloka.>

36 Jobo a nna lekwe ho-ya-ho-ile,

hobane o araba sa batho ba kgopo.

37 Dibe tsa hae

o di eketsa ka bofetohedi,

o etsa nyediso moo re mo utlwang,

ka polelo tse ngata

o nyedisa Modimo.”