Elehu o re Jobo a mo mamele
1 “Ka baka lena,
ke a o rapela, Jobo:
Ako mamele polelo ya ka,
mantswe a ka wohle
o a sekehele tsebe.
2 Mamela! Jwale ke lekgatheng
la ho bua,
mantswe a sa le lelemeng la ka.
3 Mantswe a ka ke a pelo
e se nang mano,
molomo wa ka o bua nnete
eo ke e tsebang.
4 Nna ke entswe ke moya
wa Modimo,
mophefumoloho wa Ya Matla wohle
o etsa hore ke phele.
5 “Haeba o ka kgona, ako nkarabe;
rala mabaka a hao,
ebe o nthula ka wona.
6 Kapela Modimo ke tshwana le wena,
ke bopilwe ka letsopa jwaloka wena.
7 Lebaka la hore o ntshabe ha le yo,
ho ba teng ha ka
ho ke ke ha o imela.”
Modimo hase sera sa Jobo
8 “Ruri o buile
moo ke ntseng ke utlwa,
modumo wa mantswe a hao
ka o mamela:
9 ke hlatswehile, ha ke na bokgopo, 10 empa jwale Modimo o mpea dibato, o ntadima ke le sera sa hae. 11 Maoto a ka o a tlamile ka mahlaahlela, tselana tsa ka tsohle o a di lekola.> 12 “Tabeng ena o fositse; ke o araba ka ho re: Modimo o moholo ho feta motho. 13 Ke ka baka lang ha o phea kgang le yena, o re polelo tsa hao ha a di arabe? 14 Modimo o bua ka mekgwa e le mengata, empa ha ho ya keng a hlokomele. 15 Torong le ponong tsa bosiu, ha phume sa boroko batho se ba katetse, phateng tsa bona ba kgalehile, 16 Modimo o nyenyeletsa tsebeng tsa batho, a ba tshose ka keletso tsa hae, 17 hore tsela tse kgopo ba di kgelohe, boikakaso bo be hole le bona. 18 Modimo o phemisa motho ho theohela lebitleng, a mo phemise ho bolawa ka sabole. 19 O kgalemela motho ka ho mo robatsa phateng tsa lefu, a opise masapo a hae wohle ho se kgaotso; 20 jwale takatso ya dijo ebe e a fela, a nyonye le dimonate tseo a di ratang. 21 O ye a fetohe moketa, a motele dinama, e sale e le masatswane, palwadikgopo. 22 Moya wa hae o atamela lebitla, phelo ba hae bo atamele babolai.” 23 “Haeba lengeloi le leng la a sekete, le le hlakoreng la hae, e le mmoelanyi, le ruta motho seo e leng toka, 24 le tla mo hauhela, le bue, le re: a se theohele lebitleng, hobane ke se ke mo fumanetse se mo lopollang.> 25 Nama ya hae e tla ntjhafala, e tshwane le ya lesea, a okolohe, a tshwane le mehleng ya botjha ba hae. 26 O tla rapela Modimo, yena a mo rekolohele, fahleho sa hae a tla se bone a nyakaletse, hobane Modimo o mmuseletsa ho loka ha hae. 27 O tla binela batho, ebe o re ho bona: ka kgopamisa ho loka, empa sebe seo sa ka ha ke a se otlelwa. 28 O pholositse moya wa ka O se ye lebitleng, ke tla boela ke phele, ke nne ke bone lesedi.> 29 “Tsena tsohle Modimo o di etsa ho motho, a ka di etsa habedi, a ka di etsa hararo, 30 hore a phemise motho ho theohela lebitleng, sedi la bophelo le tle le mmonese. 31 “Hlokomela, Jobo, o ke o mmamele; ako kgutse, mme nna ke tla bua. 32 Haeba o na le puo, ako nkarabe; bua, ke kgolwe hore ha o na molato. 33 Haeba o sa re letho, eka kgona o mmamele; ako kgutse, mme ke tla o ruta bohlale.”Modimo o mohau