JOBO 3

Jobo o rohaka letsatsi la tswalo ya hae

1 Kamora tsena, Jobo a tswa molomo, a rohaka letsatsi leo a neng a tswalwe ka lona.

2 A bua, a re:

3 “Tsatsi la tswalo ya ka

le ke le timele,

le bosiu boo ka bona

ho neng ho thwe:

4 Tsatsi leo le ke le fetohe lefifi,

Modimo ya hodimo a le lebale,

sedi le se hlole le le tjhabela hape.

5 Le metswe ke fifi la bo-nka-ntjana,

leru le aparele tsatsi leo,

fifi le fifatse sedi la lona.

6 Bosiu boo bona bo fifalle ruri,

bo se balellwe le matsatsi a selemo,

bo se ballelwe le matsatsi a dikgwedi.

7 Ka boo bosiu ho se tswalwe lesea,

le mehoo ya thabo e se utlwahale.

8 Barohaki ba matsatsi

ba ke ba bo rohake,

bona ba tsebang

le ho tshwenya kganyapa.

9 Naledi di se ke tsa phatsima,

bo batle lesedi, bo se le fumane,

bo se ke ba bona ha tsatsi le tjhaba,

10 hobane ha bo a ka

ba kwala mme popelo,

ha bo a ka

ba nthibela ho bona maswabi.”

Jobo o re hoja a se ke a tswalwa

11 “Ke hobaneng

ke sa shwelang popelong?

Ke hobaneng

ke sa shwang ha ke tswalwa?

12 Ke hobaneng nkileng ka sikwa?

Ke hobaneng ke antseng matswele?

13 Jwale nkabe ke rapame, ke kgutsitse,

ke ithobaletse,

ke phomotse ka kgotso,

14 ke phomotse le dikgosi

le matona a kwano,

bao mehaho ya bona e leng mabitla,

15 le mahosana a kgabang ka kgauta,

ao matlo a wona a tletseng silefera;

16 ke epetswe jwaloka sefolotsana,

jwaloka lesea le eso bone lesedi.

17 Lebitleng ba kgopo ba a kgaotsa,

ba kgaotsa ho ferekanya,

ba kgathetseng,

teng ba fumana phomolo.

18 Ba thopilweng

le bona ba phela ka kgotso

ha ba sa utlwa

mokataki a kgarumaka.

19 Ba hlomphehang le ba eisehang

ba a lekana,

kgoba le holotswe

kgobeng ba monga lona.”

Ba ditlokotsing ba labalabela lefu

20 “Ba ditlokotsing

ba bontshetswang lesedi?

Ba tubehileng moyeng

ba neelwang bophelo?

21 Ba labalabela lefu, ha le ba fihlele,

ba le batla

le ho feta letlotlo, patuwe.

22 Ba thaba ka thabo e fetisisang,

ba nyakalle ha ba kena ka lebitleng.

23 Ya fihlametsweng ke tsela

o tswaletsweng,

athe Modimo

o mo raletse mathibela?

24 Bakeng sa ho ja

ke tlelwa ke mefehelo,

medumaelo ya ka

e phutsalle sa diphororo!

25 Seo ke se tshabang

se nkwetse hodimo,

seo ke se tshohileng

jwale se mphihletse.

26 Ke hloka kgotso,

ke hloka le boikgutso;

ke hloka phomolo,

tsietsi di nkapere!”