JOBO 27

Jobo o hlalosa moputso wa ba kgopo

1 Jobo a tswela pele ka puo ya hae, a re:

2 “Ka Modimo ya phelang,

ya nkamohileng toka,

ka Ya Matla wohle,

mohlokofatsi wa moya wa ka;

3 ha feela nna

ke sa ntsane ke phela,

ke ntse ke phefumoloha

moya wa Modimo,

4 molomo wa ka

o ke ke be wa bua bokgopo,

leme la ka

le ke ke be la bolela bohata.

5 Ha nka ke ka dumela hore le nepile,

ke tla be ke yo shwa

ke ntse ke itatola.

6 “Ho loka ha ka

ke boshwa-bo-tshwerwe,

ha ke ntse ke phela

tswalo le ke ke la nkgwebetha.

7 “Dira tsa ka

di ke di tshwane le ba kgopo,

bantwantshi ba ke ba be

jwaloka balotsana.

8 Letshepa la moetsadibe ke lefe,

mohla Modimo

a mo amohang bophelo?

9 Na Modimo a ka mamela,

a mamela sello sa hae,

ha tlokotsi e se mo wetse hodimo?

10 Na yena o tla thabela

Ya Matla wohle,

a ipiletse ho Modimo

ka nako tsohle?

11 “Ke tla le ruta

seo matla Modimo a leng sona;

merero ya Ya Matla wohle

nke ke be ka e pata.

12 Tsena tsohle

le lona ka mahlo le di bone;

ke ka baka lang

ha le ntse le bua mafeelafeelane?

13 “Seo Modimo

a se abetseng ya kgopo,

lefa leo Ya Matla wohle

a le abetseng ya sehloho, ke lena:

14 Leha a ka atelwa ke bana,

ba tla shwa ka sabole,

tloholo tsa hae

di ke ke tsa anelwa ke dijo;

15 masalla a hae

a tla shwa ke lefu la sewa,

bahlolohadi ba hae

ba ke ke ba mo llela.

16 Leha a ka bokella silefera

e kaa ka lehlabathe,

bongata ba aparo tsa hae

ba ba kaa ka letsopa,

17 tsa etsa pokella,

ya lokileng o tla di apara;

ba se nang molato

silefera ba e arolelane.

18 O hahile ntlo e fokola

sa bolepo ba sekgo,

e tshwana le lephephe

la motshosi masimong.

19 O robala a ruile

e le kgetlo la ho qetela;

ere ha a phaphama

a tsohe a itlhophere.

20 Tsietsi di mo wela hodimo

jwaloka sekgohola,

fefo se mo fefola bosiu

ha ho robetswe.

21 Moya wa botjhabela o a mo nka,

o ikele ka yena,

o mo pheulele hole le lapa la hae;

22 o puputlele ho yena o se na mohau.

e be lekgerakgara

ha a leka ho o baleha.

23 Ba mo opela diatla,

ba be ba mo je tlepane,

ba mo letsetse molodi

ha a tloha lapeng ha hae.”