Jobo o dumela hore Modimo o tla mo pakela
1 Jobo a boela a araba, a re:
2 “Ebe le tla nlhokofatsa
halelele hakae,
le ntshithabetse ka dipolelo
ho fihlela neng?
3 Ke ka makgetlokgetlo
le nnyahanya,
le sa hlajwe ke dihlong ho nnyefola;
4 haeba ke nnete, ke entse phoso,
phoso eo ke ya ka,
ha e le ame ka letho.
5 Haeba le iphahamisetsa
kahodimo ho nna, le nqosa
ka baka la tlokotsi ena ya ka;
6 jwale tsebang: Modimo ke yena
ya nkentseng hampe,
o ntanteletse ka letlowa la hae.
7 Ha ke howa, ke re:
ha ke arabelwe!
Ke howa haholo,
empa toka ha e eo!
8 “O tinkeditse tsela, ke sitwa ho feta;
tselana tsa ka di aparetswe ke lefifi.
9 O nkamohile boitlhompho ba ka,
o nthodisitse le mofapahlooho,
10 o ntlepola kahohle,
mme ke a ikela,
tshepo ka ya
o e fothotse seka sefate.
11 Ke tlokomelwa ke kgalefo ya hae,
yena o ntadima ke le sera sa hae;
12 ke futuhetswe ke mabotho a hae,
a hlomme diahelo
ho potapota lapa la ka.
13 “Modimo o entse hore bana beso
ba nkwekwetle,
metswalle le yona
e mphuralle ho qeta.
14 Bahaeso le bona ba se ba ntahlile,
balekane ba ka ba se ba ntebetse.
15 Ho baeti le makgabunyane
a lapa la ka,
ke tadingwa ke le moeti,
ke le molata.
16 Ha ke bitsa mohlanka wa ka
ha a arabele,
esita leha ke ipiletsa ho yena.
17 Mohatsa ka
o nkgelwa ke moya wa ka,
bana beso le bona ba a nnyonya;
18 diratha le tsona di a nnyedisa,
ha ke hlaha eba di a ntlaka.
19 Ba ntshanang se inong le nna
ba a nnyonya,
ke furaletswe
le ke baratuwa ba ka.
20 Ke moote, ke manne,
o ka mpala dikgopo,
ke phonyohile feela
ka la mohaswa lesoba.
21 “Nkgauheleng! Nkgauheleng!
lona metswalle ya ka!
ke otlilwe ke Modimo
ka tsoho la hae!
22 Le ntlhorisetsang
jwalokaha Modimo a ntlhorisa?
Ha le kgotsofale
ha ke hlepholeha dinama?
23 “Polelo tsena tsa ka
eka di ka be di ngolwa,
eka di ka be di ngolwa,
di etswa buka,
24 di ngolwa ka pene ya tshepe
tlapeng la loto,
di ngolwa lefikeng,
di hlole kamehla yohle!
25 “Ke a tseba:
Mopholosi wa ka o a phela,
qetellong o tla ema a mpakele.
26 Leha tlalo la ka
le tla be se le bodile,
ka mahlo Modimo ke tla mmona
ke se mmeleng ona;
27 ke yena eo
ke tla fela ke mmone ka seqo,
ke mmone ka mahlo a ka
ke sa romeletsa.
Ka pelo ya ka yohle
ke labalabela hoo!
28 “Haeba le ka re:
hobane sesosa sa taba se ka pelong ya hae!> 29 Lona, ka bolona, le hle le tshabe sabole, hoba sebe sa kgalefo, kotlo ya sona ke sabole, le tle le tsebe hore efela kahlolo e teng.”