JOBO 15

Elefase o re Jobo ha a hlomphe Modimo

1 Yaba Elefase ya tswang Temana o a araba, o re:

2 “Na mohlalefi

a ka bebera manenekwane,

a pipitlelwa ke moya

wa ho phorohla?

3 A phea kgang

ka ho bua mafeelafeelane,

kapa ka puo tsa sa thuseng letho?

4 Ho tshaba Modimo

o ho phephethetse hole le wena,

ho rapela Modimo

hona o a ho fedisa.

5 Puo tsa hao

di susumetswa ke bokgopo ba hao,

boqhweleqhwele

bo ntlheng ya leleme la hao.

6 Ha o tsuwe ke nna,

o tsuwa ke dipuo tsa hao,

molomo wa hao

ke wona pakimotshwaedi.

7 “Ebe ke wena

motswalwapele wa motho?

kapa o bopilwe pele ho maralla?

8 Na merero ya phiri tsa Modimo

o a e tseba?

Na bohlale bona

ebe ke ba hao o le inotshi?

9 O tseba dife

tseo re se nang tsebo ya tsona?

O utlwisisa dife

tseo re se nang kutlwisiso ya tsona?

10 Bo-raputswe le maqheku

ba ka hlakoreng la rona,

bannabaholo ba boneng letsatsi

pele ho ntatao.

11 “Na matshediso a Modimo

o a a halala,

le mantswe a buuwang ka bonolo

tsebeng tsa hao?

12 O dumellang ho rwalwa

ke pelo ya hao?

Mahlo a hao wona

a tukelang malakabe,

13 hoo o hlatsetsang

kgalefo ya hao ho Modimo,

o buang puo tse tjee,

ka molomo wa hao?

14 “Motho ke ntho nngwe,

hoo a ka bang le tlhweko?

Ya tswetsweng ke mosadi

yena a ka loka jwang?

15 Haesita Modimo

a sa tshepe mangeloi a hae,

mahlong a hae

le mahodimo a sa hlweka,

16 a ka tshepa motho jwang,

a le manyala, a tletse podile,

a momorotsa bokgopo

sa metsi a mophoko?”

Qetello ya ba kgopo e a tshabeha

17 “Thea tsebe, o mamele,

ke o manollele,

ke o bolelle tseo ke di boneng

ka mahlo a ka;

18 tse boletsweng

ke banna ba bahlalefi,

ba di bolela ba sa pate letho,

ba bolela tseo ba di utlwileng,

ho baholoholo ba bona;

19 bona bao naha e neng

e abelwe bona feela,

ho se molata o jakileng hara bona.

20 “Ya kgopo

o kgwebethwa ke letswalo,

le mo kgwebetha

ka tshiu tsohle tsa hae,

mohatelli le yena

le a mo kgwebetha,

le mo kgwebethe

ka lemo tsohle tsa bophelo ba hae.

21 Tsebe tsa hae di tlala

medumo e tshosang,

haeka tsohle di ya hantle

batupi ba mo hlasele.

22 O lahlehetswe ke tshepo

ya ho tswa kahara lefifi,

kaekae sabole le yona e mo laletse.

23 O lelera le naha, a batla dijo,

a ntse a botsa hore na di kae;

o a tseba, tsatsi la timelo ya hae

le atametse;

24 matshwenyeho le mahloko

a mo kenya letswalo,

a mo pupetsa

sa kgosi e kgatheng la ho futuha,

25 hoba o kokoseditse Modimo letsoho,

o iketsa senatla ho Ya Matla wohle.

26 O mo kgorohela

a sataladitse molala,

thebe e shahlileng

a e utlile ka mallela.

27 “Le hoja a le fahleho se matlebele,

theka la hae le le maphethephethe,

28 o tla phela metseng e le dithako,

matlung a seng a setse a le feela,

a kgatheng la ho fetoha masupi.

29 Ha a ka ke a hlola a ba a rua,

matlotlo a hae wohle a tla timela,

fatshe le ke ke la anelwa

ke maruo a hae.

30 A ke ke be a phonyoha lefifing,

lakabe le tla tjhesa mahlaku a hae,

kgalefo ya Modimo e mo timetse!

31 A se ithetse ka ho tshepa mafeela,

hobane mafeela

e tla ba wona moputso wa hae.

32 Pele a eshwa hoo ho tla etsahala,

makala a hae a ke ke be a tlokoma.

33 O tla tshwana le morara,

o hlohlorang tholwana di sa le tala,

jwaloka mohlwaare o hlohlorang,

o hlohlorang thunthung tsa wona.

34 “Ba kgopo

ba ke ke ba ba le ditloholo,

mollo o tla tjhesa matlo

a ba phelang ka tjotjo.

35 Ba emola tlokotsi,

ba tswale bokgopo,

thetso ke yona

ngwana popelo ya bona.”