Jobo o re bophelo bo bokgutswanyane
1 “Motho ya tswetsweng ke mosadi
o phela hakgutshwanyane,
bophelo ba hae
bo aparetswe ke ditsietsi;
2 o fupuha jwaloka palesa
a be a pone,
o baleha jwaloka seriti,
ebe o nyametse.
3 Jwale o tjamela ya jwalo ka eo?
O ntlisa kapele ho wena
ho nkahlola?
4 Na ya ditshila
a ka tswala ya hlwekileng?
Le kgale!
Ho ke ke be ha etsahala jwalo!
5 Tshiu tsa motho di badilwe,
palo ya kgwedi tsa hae
e tsejwa ke wena,
o mo sehetse moedi,
a ke ke be a o tlola.
6 Tlohela ho mo tjamela,
a fumane phomolo,
nako ya hae e be fete
jwaloka ya mohiruwa.
7 “Esita le sefate se na le tshepo:
Ha se ka rengwa se tla hlomela hape,
makala a sona a ke ke a ba a fela.
8 Leha motso wa sona
o ka tsofalla mobung,
kutu ya sona ya bolla leroleng,
9 ha se utlwa monko wa metsi
se tla hloma,
se mele makala
jwaloka tlama se setjha.
10 Empa motho yena o a shwa,
a fellwe ke matla,
a neele moya, ebe jwale o kae?
11 “Jwalokaha metsi a letsha
a nyamela, a fela,
noka e feta, e be e pshe,
12 le motho o a robala,
a roballe ruri!
Ho fihlela ha mahodimo a fela,
batho ba ke ke be ba tseba
le ho phaphama,
kapa ho tsoswa
phumeng sa bona sa boroko.
13 “Eka o ka be o mpata
Nqalong ya Bafu,
o nketsa bofihla,
kgalefo ya hao e be e fete!
Eka o ka be o mpalla nako,
eo ka yona o tlang ho nkgopola!
14 Hoja motho o a shwe,
a boele a phele,
ke ne nka mamella tlokotsi tsa ka
ka nako tsohle,
ka emela topoloho ya ka
ya ba ya fihla.
15 O no tla mpitsa, nna ke arabele,
o hlolohelwe mmopo
wa matsoho a hao.
16 Empa jwale mehato ya ka o a e bala,
sebe sa ka ha o kgaotse ho se natsa;
17 tshita tsa ka
o di bitiella ka mokotleng,
sebe sa ka
sona o a se kwahela.
18 “Jwalokaha thaba e ye e helehe,
e nyamele,
le lefika le suthiswe
tulong tsa lona;
19 jwalokaha metsi a kutlula majwe,
phororo le tsona
di baka kgoholedi mobung,
le wena tshepo ya motho
o e fedisa jwalo!
20 O mo hlolela ruri, ebe o iketse;
o fetola fahleho sa hae,
ebe o a mo leleka.
21 Ha bara ba hae ba tlotlwa,
yena ha a tsebe le letho,
le teng ha ba kokobetswa,
yena ha a bone le letho;
22 o utlwa bohloko
ba mmele wa hae feela,
le ho ngongoreha ha moya wa hae.”