Jobo o re ha a na molato
1 “Tsena tsohle ke di bone
ka mahlo a ka,
ka tsebe tsa ka ka di utlwa,
ka di utlwisisa.
2 Ke tseba tsena
jwalokaha le lona le di tseba,
etswe le hona ha le mphete ka letho!
3 Ke lakatsa ho bua le Ya Matla wohle,
ho ipiletsa ho Modimo
ke ho tjhesehela haholo.
4 Lona le baqapi ba mashano
a se na ditswako,
kaofela ha lona
le bo-ngakana-kea-hetla.
5 Eka le ka kgutsa ho bua,
la kgutsetsa ruri!
Hoo e ne tla be e le bohlale,
e le bohlale ho lona!
6 Jwale mamelang ha ke ikarabella,
le utlwe ha ke ipuella
ka molomo wa ka.
7 Na le buella Modimo
ka ho bua bokgopo?
Na le ka mmuella
ka ho bua mashano?
8 Ebe le leka ho sekamela
ka ho Modimo,
kapa le iketsa babuelli
ba hae nyeweng?
9 Ha a le hoqisa ka dipotso
ho tla ba jwang?
Le tla mo soma
jwalokaha le soma motho?
10 Ruri o tla fela a le kgaleme,
ha le sebetsa leeme ka lekunutu.
11 Na tlotla ya hae
ha e tlo le kenya letswalo,
kgalefo ya hae
e tsubellele hodima lona?
12 Maele a lona
a tshwana le molora hantle,
boitshireletso ba lona
bo tshwana le ba letsopa.
13 “Kgutsang, le nna ke tsebe ho bua,
se ntlhahelang
se mpe se ntlhahlele.
14 Ke kena kotsing ke ntse ke tadimile,
bophelo ba ka
ke bapala diketo ka bona!
15 Haeba a mpolaya
ke tla nne ke mo tshepe,
ke tla buella metsamao ya ka
thaka di tadimane.
16 Hona e tla ba yona pholoho ya ka:
Moetsadibe a ke ke a ema
kapele ho yena.
17 Mamelang mantswe ana a ka,
le a mamele ka hloko,
polelo tsena tsa ka
le di sekehele tsebe.
18 Bonang jwale,
nyewe ya ka ke e radile,
ke a tseba
ke tla fumanwa ke se molato.
19 Ke mang ya ka tsekisanang le nna?
Ha a le teng ke tla kgutsa,
ke itjhwelle.
20 “Oho, Modimo,
ako ntumelle ka ntho di le pedi,
mme nke ke be ka ipatela wena:
21 Ako tlosetse tsoho la hao
hole le nna,
kgalefo ya hao
e se ke ya ntshosa;
22 nkise kgotla ke tle ke o arabe,
o ntumelle ke bue,
le wena o nkarabe.
23 Ke entse makgopo
le dibe di le kae?
Ako ntsebise tshito tsa ka
le sebe sa ka.
24 Ke hobaneng
ha o mpatela fahleho sa hao,
o ntadima ke se ke le sera sa hao?
25 O tla lelekisana le lehlaku,
lehlaku le feferetseha le moya,
o lelekisane le mmoko o omeletse?
26 O nqosa ka tse bohloko,
o nkotlela makgopo a botjha ba ka.
27 Maoto a ka
a tlamilwe ka mahlaahlela,
tselana tsa ka tsohle
o a di lekola,
bohato ba maoto a ka
o a bo thaleha.
28 “Kahoo motho o motela
sa ntho e bodile,
o naphoha sa kobo
e jelwe ke tshwele.