Jobo o re o ahlolwa ka phoso
1 Jwale Jobo a araba, a re:
2 “Ha ho pelaelo,
batho ke lona feela!
Bohlale bo tla ya le lona lebitleng.
3 Le nna ke na le kelello jwaloka lona,
etswe le hona ha le mphete ka letho;
ke mang ya sa tsebeng
dintho tsee tsohle?
4 Kajeno ke fetohile sesomo
ho metswalle,
ke fetohile sesomo ke lokile,
ke se na kodi,
nna ya neng a ipiletsa ho Modimo,
a nkarabe.
5 Ba iketlileng
ba nyedisa bomadimabe,
ba re ke pheletso
ya ba kgatheng la ho thella.
6 Malapeng a batupi
teng ho rena kgotso,
ba phephetsang Modimo
ba phela ka boiketlo,
bao matla a bona
e leng wona modimo wa bona.
7 “Ako botse diphoofolo,
tsona di tla o ruta,
nonyana tsa lehodimo
le tsona di o kaele;
8 o bue le lefatshe le tle le o rupele,
le tlhapi tsa lewatle di ke di o qoqele.
9 Ke efe ho tsona tsohle
e hlokang tsebo
ya hore Morena o entse tsohle
ka letsoho la hae?
10 Bophelo ba sebopuwa ka seng
bo matsohong a hae
le meya ya batho bohle
e phela ka yena.
11 Ha ke re tsebe
e mamela ho kgetha mantswe,
jwalokaha leleme
le kgetha dijo ka ho di latswa?
12 Bohlale ba sebele
bo hahetse ho bo-raputswe,
ho phela halelele
ho fana ka kutlwisiso.
13 “Empa bohlale le matla
tsona ke tsa Modimo,
ke yena monga kelello
le kutlwisiso;
14 moo a heleditseng
ho ke ke ha tsoswa marako,
eo a mo kentseng tjhankaneng
a ke ke a lopollwa.
15 Ha a thibela pula,
metsi a pshela ruri,
ha a nesa ya ditlwebelele,
fatshe lohle le a senyeha.
16 Matla le bohlale ba sebele
ke tsa hae;
mothetsi le mothetsuwa
ba matleng a hae.
17 Baeletsi o ba tlosa
ba se na le nketlana,
baahlodi bona
a ba fetole ditsheretshere!
18 O lokolla mahlaahlela
a dikgosi a bohatelli,
mathekeng a tsona
a kgaole maqhama a puso;
19 baprista o ba tlosa
ba se na le nketlana,
dinatla tsona a di theole
tulong tsa tsona;
20 baeletsi ba mmakgonthe
a ba fetole dimumu,
maqheku wona a a amohe meelelo.
21 O soma mahosana, a a teole,
a kokobetse boikalatiso
ba mahosana;
22 a senole le diphiri tsa mafifing,
meriti e metsho
a e tjhabisetse lesedi.
23 O hodisa ditjhaba
a be a di timetse,
a di anafatse, a be a di hasanye;
24 babusi ba ditjhaba
a ba amohe meelelo,
a ba lelerise mahwatateng
ho se na tsela,
25 ba phopholetse lefifing
ho se lesedi,
a ba thekesedise
sa mahlena a bo habotse.