Sofara o re Jobo a furalle sebe sa hae
1 Jwale Sofara wa Monaama a araba, a re:
2 “Puo tse ngatangata tsee
ha di lokele ho arajwa?
Ebe motho wa lehehle
yena o nepa kamehla?
3 O re batho ba kgutsiswe
ke ho berabera ha hao?
Ere o soma,
o se kgalemelwe ke motho?
4 O re ho Modimo:
le mahlong a hao ke hlwekile!> 5 Eka Modimo a ka be a dumela ho bua, a ahlamisa molomo, a ka a bua le wena; 6 a o senolela phiri tsa bohlale ba hae, hore bohlale ba sebele bo mehlahlwe-mengata. Tseba Modimo o a o leballa, o o leballa tse ding tsa tshito tsa hao! 7 “Na o ka tseba phiri sa Modimo ka ho fuputsa? Kapa wa fihlela bohlale ba Ya Matla wohle? 8 O ka etsang? Bo phahametse le mahodimo! O ka tsebang? Bo tebile ho feta lebitla! 9 Bolelele ba bona bo feta le ba lefatshe, bophara ba bona bo feta le ba lewatle! 10 “Ha a ka o tshwara, a o isa tjhankaneng, a o qosa ka kgotla, a ka hanyetswa ke mang? 11 Bolotsana ba batho o bo tseba hantle; ha a bona bokgopo, na a ka kgutsa feela? 12 Empa sethoto se ke ke be sa hlalefa, jwalokaha petsana tonki, e ke ke ya ba ya tswalwa e le motho. 13 “Empa ha o boela o mo nea pelo ya hao, o otlollela matsoho a hao ho yena; 14 haeba o lahla sebe seo o se kwetlileng, o sa dumelle bobe ho phela tlung ya hao; 15 ruri o tla tseba ho tadima motho o se na dihlong, o tsitse hantle, o hloke tshabo. 16 Tsietsi tsa hao o tla di lebala tsohle, o di hopole jwaloka metsi ha a sa fetile. 17 Bophelo ba hao bo tla hlaka ho feta motsheare, fifi la bona le tshwane le tsatsi le tjhaba. 18 O tla ba sebete, hobane tshepo e teng; o qamake kahohle, o robale o iketlile. 19 O tla ithoballa ho se ya ka o tshosang, ba bangata ba qekise setswalle sa hao. 20 Empa mahlo a ba kgopo a tla eba, ba hloke le wona monyetla wa ho pholoha, tshepo ya bona e be ya ho neela moya.”