JEREMIA 9

1 Hoja hlooho ya ka

ke sediba sa metsi,

mahlo a ka

ebe ke mohlodi wa dikeledi,

ke tle ke lle motsheare le bosiu,

ke llele tjhaba sa heso se bolailweng.

2 Hoja ke na le motlotlwane

hara lehwatata,

moo baeti ba ka robaletsang teng,

ke tle ke tlohe

hara tjhaba sena sa heso,

ke itsamaele ke ye hole le sona,

hoba kaofela ha sona ke difebe,

ke mokgopi wa batho ba bolotsana!

3 “Maleme a sona

a kobehile sa seqha,

leshano ke metsu

eo se fulang ka yona;

hase nnete

e se neang matla lefatsheng.

Bokgopo se bo etsa

ka ho bo hlahlamanya,

athe nna ha se ntsebe

le ho ntseba,”

ho rialo Morena.

4 “Motho ka mong

a hlokomele motswalle wa hae,

ngwaneno le yena

o se ke wa mo tshepa,

hoba ngwanabo motho ka mong

ke mokgohlisi,

motswalle ka mong

ke moetseletsi.

5 Motho ka mong

o thetsana le motswalle,

ha ho le ya mong ya buang nnete.

Batho ba tlwaeditse maleme a bona

ho bua leshano,

ba ipakela mokgathala

ka ho etsa sebe.

6 O phela hara batho

ba buang leshano,

shano la bona

le etsa hore ba se ntsebe,”

ho rialo Morena.

7 Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena:

“Ke tla ba hlwekisa

ke be ke ba tsheke,

hoba tjhaba sa ka

nka se tlohela jwang?

8 Maleme a sona

a ka metsu e mahloko,

kamehla ha se bua, se bua leshano.

Ka molomo, motho o bua hamonate,

o bua ho motswalle,

ka pelong

o ntsa mo lokisetsa maraba.

9 Na ha ke a tshwanela

ho ba otlela ketso tsee?”

ho rialo Morena.

“Na ha ke a tshwanela

ho iphetetsa ka tjhaba se tjee?”

10 “Ke tla llela dithaba,

ke di hlomohele,

makgulo a lehwatata

ke a binele kodi-ya-malla,

ke a binele hobane a omeletse

hoo ho wona

ho seng le mofeta-ka-tsela.

Motho ha a ka ke a utlwa

kgomo e bohla,

nonyana tsa lehodimo di balehile,

phoofolo tsa naha

le tsona di itahlile!

11 “Ke tla fetola Jerusalema

e be masupi,

ke e fetole

e be selao sa diphokojwe,

metse ya Juda ke e fetole nanaola,

ho se be ya ka phelang ho yona.

12 “Monna ya bohlale,

ya ka utlwisisang tsee ke ofe?

Eo Morena a mo rutileng

ho di hlalosa ke mang?

Ke ka baka lang

ha naha e fetohile nanaola,

e omeletse sa lehwatata

le ke keng la tsamauwa?”

13 Yaba Morena o re: “Ke hobane ba furaletse Molao wa ka, oo ke ba beetseng wona. Ha ba a mamela lentswe la ka, leha e le ho ya ka ditaelo tsa ka.

14 Ba latetse ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, ba rapela bo-Baale bao ba ba rutilweng ke bo-ntata bona.”

15 Ka baka leo, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: “Bonang, batho bana ke tla ba nwesa lengana, ke ba nwese metsi a tletseng mahloko.

16 Ke tla ba qhalanyetsa hara baditjhaba, bao batho bana, esita le bo-ntata bona, ba sa kang ba ba tseba. Ke tla ba fekefa ka sabole ho fihlela ke ba timetsa.”

Setjhaba sa Jerusalema se llela thuso

17 Jwale Morena wa mabotho o re:

“A le ke le nahane se etsahalang!

Bitsang basadi

ba llang sa mmokotsane,

le bitse kgeleke

tsa kodi-ya-malla di tle.

18 Basadi bao ba potlake ba re llele,

keledi di keleketle

marameng a rona,

kgapha di phorosele

di etswa ntshing tsa rona.

19 Seboko se utlwahala

se etswa Sione:

re timeditsweng kateng!

Dihlong tsa rona ke tse kaakang!

Re tlameha ho furalla naha ya rona,

matlo a rona a fetohile masupi.> ”

20 “Lona basadi

utlwang lentswe la Morena,

polelo tsa hae le di sekehele tsebe.

Rutang baradi ba lona ho bokolla,

le rutane ho bina kodi-ya-malla:

21 Lefu le kene

ka difesetere tsa matlo,

la kena le ka matlung

a dikgosi tsa rona,

la hleka bana diterateng tsa motse,

la hleka le bahlankana

mabaleng a motse.

22 “Bolelang hore Morena o bua tjena:

Topo tsa banna di tla rapalla fatshe,

di ke kgapane

e qhalane hara masimo,

di ke ditlhaka

ha di helwa ke mokotudi,

di rapalle

ho se ya ka di phuthang!”

23 Morena o bua tjena:

“Mohlalefi a se ithorise

ka bohlale ba hae,

senatla se se ithorise

ka bonatla ba sona,

morui a se ithorise

ka maruo a hae;

24 empa ya ithorisang

a ithorise ka ho re,

yena o a nkutlwisisa,

o bile o a ntseba;

ke nna Morena

ya tsebang ho hauhela,

ya sebetsang ka toka

le ka ho loka lefatsheng,

hobane tsena ke tsona

tse nthabisang,”

ho rialo Morena.

25 “Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela:

26 e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”