Jeremia o ruta ka Tempeleng
1 Lena ke lentswe le ileng la fihla ho Jeremia, le etswa ho Morena, le re:
2 “Ema monyako wa Tempele ya Morena, o phatlalatse lentswe lena o le hona teng, o re: 3 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Lokisang metsamao ya lona le diketso tsa lona, mme ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena. 4 Le se ke la tshepa dipolelo tsa leshano, tse reng: “Ena ke Tempele ya Morena, Tempele ya Morena, Tempele ya Morena!” 5 “ 6 haeba le sa hatelle moditjhaba, kgutsana le mohlolohadi, mme le sa tsholle madi a se nang molato sebakeng sena; kapa le sa kgumamele medimo esele, e leng ntho e kotsi ho lona; 7 ke tla etsa hore le ahe sebakeng sena, naheng eo ke neng ke e nee baholoholo ba lona, hore e be ya bona kamehla yohle. 8 “ 9 Na le tla utswa, le bolaye, le febe, le hlapanye ka leshano, le tjhesetse Baale mokubetso, le kgumamele medimo esele, eo le sa e tsebeng; 10 ebe le a tla, le fihla le ema kapele ho nna ka Tempeleng ee e bitswang ka lebitso la ka, le re: “Re namoletswe!” Le namoletswe ho etsa manyala aa wohle? 11 Na Tempele ee e bitswang ka lebitso la ka, ho lona e fetohile lehaha la dinokwane? Empa hona ke ho bone! ho rialo Morena. 12 “ 13 Tsena tsohle le di entse, ho rialo Morena. Ke buile ho lona ka makgetlokgetlo, empa ha le a ka la mmamela. Leha ke le bitsa ha le a ka la nkarabela. 14 Ka baka leo, seo ke ileng ka se etsa Shilo, ke tla se etsa Tempeleng ena e bitswang ka lebitso la ka, eo le e tshepang, le sebakeng sena seo ke neng ke se nee lona le baholoholo ba lona. 15 Ke tla le leleka pela mahlo a ka, jwalokaha ke ile ka leleka bana babo lona, e leng ditloholo tsohle tsa Efraime.> ” 16 “Ka baka leo, wena Jeremia, o se ke wa rapella setjhaba sena; o se ke wa ipiletsa ho nna ka lebitso la sona, kapa wa se rapella. O se ke wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho o mamela. 17 Na ha o bone seo setjhaba see se se etsang metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema? 18 Bana ba rwalla patsi, bo-ntata bona ba besa mollo, basadi ba duba hlama, ba etsetsa mofumahadi wa lehodimomaqebekwane. Ba etsetsa medimo e meng dinyehelo tsa dino, hore ba mphephetse ke tle ke utlwe bohloko. 19 Empa na ba utlwisa nna bohloko? ho rialo Morena. Na hase bona ba ikutlwisang bohloko, ba tla hlajwa ke dihlong? 20 “Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: 21 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: 22 Mohla letsatsi leo ke neng ke ntshe baholoholo ba lona naheng ya Egepeta ka lona, ha ke a ka ka bua le bona, kapa ka ba etsetsa taelo, malebana le dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo. 23 Empa ke ne ke ba nee molao ona, ka re: Ntlhompheng, ke tla ba Modimo wa lona, mme lona le be setjhaba sa ka. Tsamayang ka ditsela tseo ke le laetseng ho tsamaya ka tsona, le tle le phele hamonate. 24 Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela; ba nnile ba latela mehopolo ya bona le ditakatso tsa dipelo tsa bona tse manganga, tse kgopo, ba kgutlela morao, ba se ke ba ya pele. 25 Ho tloha mohla baholoholo ba lona ba tswang naheng ya Egepeta ho fihlela kajeno, ka makgetlokgetlo, le ka matsatsi wohle, ke nnile ka le romela bahlanka ba ka, e leng baporofeta bohle. 26 Empa ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe tsa bona feela. Ba ile ba satalatsa melala, ba etsa tse kgopo ho feta tse neng di etswe ke baholoholo ba bona.> 27 “Ka baka lena, o tla ba bolella dipolelo tsena tsohle, empa ha ba ka ke ba o mamela; ha o ba bitsa ha ba na ho arabela. 28 Empa wena o tlo re ho bona: 29 “ beola moriri wa hao, o o lahle, bina kodi-ya-malla hodima maralla, hobane Morena, ka baka la kgalefo ya hae, o lahlile, a furalla moloko o mo halefisitseng. 30 “ 31 Ka Kgohlong ya Mora wa Hinome ba hahile aletare e bitswang Tofete, moo ba tjhesetsang bara ba bona le baradi ba bona teng ka mollo, e leng seo ke sa kang ka ba laela sona, le ho se nahana ke eso se nahane. 32 Ka baka leo bonang, ho rialo Morena, matsatsi a a tla, ao mohla a fihlang, Tofete e ke keng ya hlola e sa bitswa Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa e tla bitswa Kgohlo ya Polaelo, hobane ho tla epelwa bafu ho yona ho fihlela sebaka seo se tlala. 33 Ditopo tsa setjhaba sena di tla jewa ke matlaka le dibatana tsa naha, mme ha ho ya tla di leleka. 34 Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.Setjhaba ha se hlomphe
Diketso tse kgopo ka Kgohlong ya Hinome