JEREMIA 48

Moabe e a timetswa

1 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua ka Moabe, o re:

“Ho madimabe Nebo,

hobane e ripitlilwe,

Kiriataime ba e tlontlolotse,

ba e hapile,

qhobosheane ba e tlontlolla,

ba e thuaka.

2 Moabe ha e sa tla hlola e roriswa,

ba Heshebone ba e reretse

ho e timetsa,

ba re:

botjhaba ba yona.>

Le lona baahi ba Madamene

le tla timetswa,

sabole le yona e le phaladise.

3 Sello se tla utlwahala

se etswa Horonaime,

sello sa tshenyo e kgolo le nanaola.

4 Moabe e tla ripitlwa,

sello sa masea a yona se utlwahale.

5 Ba nyoloha ka tsela e yang Lohite,

ba nyolohela teng ba ntse ba lla;

tseleng e theohelang Horonaime

ho utlwahala dillo

tse reng:

6 Balehang le tle le ipholose,

le ke tonki e hlaha ya lehwatata.

7 Kaha le tshepile ketso tsa lona

le maruo a lona,

le lona Bamoabe le tla thopuwa;

Kemoshele yena o tla thopuwa;

a thopuwe le baprista ba hae,

a thopuwe le mahosana.

8 Metse yohle e tla futuhelwa,

e futuhelwe ke motimetsi,

ha ho motse le o mong

o tla phonyoha.

Ba phelang ka kgohlong

ba tla ripitlwa,

ba phelang dithoteng

le bona ba timetswe,

hobane Morena o boletse jwalo.

9 Neang Bamoabe mapheo ba fofe,

ba fofe ba ikele hole,

hobane metse ya bona

e tla fetoha masupi,

e fetohe masupi a hlokang baahi.

10 “Ya sa natseng

mosebetsi wa Morena a rohakehe!

Ya sa tsholleng madi ka sabole

a rohakehe!”

Metse ya Moabe e a timetswa

11 “Moabe e iketlile

ho tloha botjheng ba yona,

e ka veine eo ditshifa tsa yona

di qitileng,

e sa rokollelweng dinkgong

ka ho fapana,

le bothopuweng

Moabe ha e eso ka e iswa;

kahoo boleng ba yona

e ntse le ba pele,

le monko wa yona ha wa fetoha.

12 Ka baka leo, bonang,

matsatsi a a tla,”

ho rialo Morena,

“ao ka wona ke tla romella

barokolli ba dinkgo,

mme bona ba tla e rokollela fatshe;

dinkgo tsa yona ba tla di tsholla,

mepotjwana ya bona

yona ba e pshatlake.

13 Jwale Moabe

e tla hlabiswa dihlong ke Kemoshe,

jwalokaha Baiseraele

dihlong di ile tsa ba hlaba,

mehleng ya ha Bethele

e ne le tshepo ya bona.

14 “Le ka ipolela jwang,

la re

rona re dinatla

tsa dikwakwariri ntweng?>

15 Moabe e tla timetswa

metse ya yona e futuhelwe,

tjhatjha ya yona

e we thekong ya ntwa,”

ho rialo Kgosi

bitso la yona

ke Morena wa mabotho.

16 “Ho wa ha Moabe

ho se ho le haufi,

koduwa ya yona

e tla fihla e potlakile.

17 Lona ba ahisaneng le Moabe

e lleleng,

lona bohle ba tsebang

botumo ba yona,

le re:

le la matla le robehile,

molamu o tlotlehang o robehile!>

18 “Lona tjhaba se ahileng Dibone,

theohang moo tlotleng ya lona,

le dule fatshe, mobung o dipekane,

hoba ya timetsang Moabe

o tla le futuhela,

a ripitle metse ya lona

e haheleditswe.

19 Lona ba ahileng Arowere,

emang kathoko ho tsela

le shebisise,

le botse baphaphathehi

ba banna le ba basadi,

le ba botse, le re:

20 Moabe e tlontlolotswe

hobane e tamukane!

Bokollang, le be le howeletse haholo,

le phatlalletse baahi ba Arenone,

le phatlalatse

hore Moabe e timeditswe.

21 Kahlolo e fihlile ka dihlabeng,

e fihlile Holone

le Jahase le Mefarata;

22 ya fihla Dibone,

Nebo le Bete-Dibelataime,

23 ya fihla Kiriataime,

Bete-Gamule le Bete-Meone,

24 ya fihla Keriote, ya fihla Bosera,

metseng yohle ya Moabe

e hole le e haufi.

25 Naka la Moabe le robehile,

le letsoho la yona le phukgehile,”

ho rialo Morena.

Moabe e tla kokobetswa

26 “Tahisang Moabe,

hoba e ikakaseditse Morena,

e tloheleng e qhafutse

kahara mahlatsa a yona,

e tloheleng e fetohe, e be sesomo.

27 Na hase Moabe

e neng e soma Baiseraele?

Na e kila ba fumana

ba le hara mashodu,

hoo e thukuthang hlooho

ha e bua ka bona?

28 Lona baahi ba Moabe

tswang metseng ya lona,

le yo iphelela kwana hara mafika,

le ke leeba

le hahang sehlaha sa lona,

le se hahang dintshing,

ntshing tsa faru la lefika.

29 “Boikgantsho ba Moabe

re bo utlwile,

boikgantsho bo boholo

le mabela a yona,

boikgantsho ba yona

le bona boikakaso,

esita le mabifi a pelo ya yona.

30 Bokakalope ba Moabe ke a bo tseba,

empa ke bokakalope

bo se nang thuso,”

ho rialo Morena,

“ho ipoledisaka ha yona

ha ho na molemo.

31 Ka baka leo, ke llela Moabe,

ke llela baahi bohle ba Moabe,

ke llela banna ba Kire-Harese.

32 Wena morara wa Sibema

ke a o llela!

Ke o llela

le ho feta baahi ba Jasere!

Makala a morara wa Sibema

a thathaletse,

a thathaletse

ho ya fihla lewatleng la Jasere,

mosenyi o lobetse ditholwana,

tholwana tsa lehlabula,

o lobetse tholwana

tsa morara wa hao.

33 Rapeng tsa difate

le masimong a Moabe,

thabo le monyaka

ha di sa fumanwa.

Ke thibetse ho tswa ha veine,

ho tswa ha yona ditlhotlelong,

ha ho ya tlhotlang morara

ka mehoo ya thabo.

Le hoja mehoo yona

e ntse utlwahala,

mehoo eo hase mehoo ya thabo.

34 “Baahi ba Heshebone

le ba Elele ba a lla,

sello sa bona se utlwahala Jahase,

se utlwahala ho tloha Soware

ho ya fihla Horonaime,

se be se yo utlwahala

le Egelate-Sheleshiya,

hoba le metsi a Nimerime

a se a pshele.

35 Ba etsetsang dinyehelo

dibakeng tsa borapedi,

le ba tjhesetsang

medimo ya bona mokubetso,

ke tla ba thibela

ho etsa jwalo naheng ya Moabe,”

ho rialo Morena.

36 “Kahoo pelo ya ka

e llela Moabe sa lekodilo,

sa lekodilo le llela banna

ba Kire-Harese,

hoba matlotlo a bona

a se a ba feletse.

37 Dihlooho kaofela di lekorana,

ditedu kaofela ba di beotse,

matsoho kaofela ba a phatsitse,

matheka ba a tlamme

ka tse mahwashe.

38 Hodima matlo wohle a Moabe,

le hara diterata tsohle tsa yona,

ha ho letho, haese dillo feela,

hobane Moabe ke e pshatlile,

ka e pshatla sa mopotjwana

o seng o sa natswe ke motho,”

ho rialo Morena.

39 “Utlwahatsang sello sena:

Bonang, Moabe e fetohile lesupi!

Bonang kamoo e balehang kateng

e le dihlong!

Moabe e se e fetohile sesomo,

e fetohile setsoto

ho ba ahelaneng le yona.”

Kahlolo ya Moabe

40 Morena o bua tjena:

“Bonang, ntsu ke eo e ubella,

e thathaladitse mapheo

hodima Moabe,

41 metse yohle e tla hapuwa,

diqhobosheane le tsona di kenwe.

Mohlang oo

pelo tsa bahlabani ba Moabe

di tla tshwana le pelo ya mosadi,

mosadi a kena tlung.

42 Botjhaba ba Moabe bo tla fediswa,

hobane e ikakaseditse Morena.

43 Tshabo le lemena le leraba

di le fumane,

di fumane lona baahi ba Moabe,”

ho rialo Morena.

44 “Ya balehang ke ho tshaba

o tla wela ka lemeneng,

ya tswang ka lemeneng

raba le tla mo tshwasa.

Tsena tsohle

ke tla di tlisetsa ba Moabe,

ke ba tlisetse tsona

ka lemo sa kotlo ya bona,”

ho rialo Morena.

45 “Baphaphathehi ba eme

moriting wa Heshebone,

ba eme teng

ba qetilwe ke mokgathala,

hobane mollo o hoteditswe

wa hotetswa ka Heshebone,

malakabe a laima

a etswa tlung ya Sihone,

a laima

a tjhesa lehae la Bamoabe,

a fedisa tlotla ya baikgantshi.

46 O madimabe hakaakang,

wena Moabe!

Tjhaba sa Kemoshe

se fedile kaofela,

bara ba hao

ba isitswe bothopuweng,

baradi ba hao

le bona ba thopilwe!

47 “Empa hamorao ke tla boela

ke atlehisa Moabe,

taba tsa Moabe di boele madulong,”

ho rialo Morena.

Kahlolo ya Moabe e fella mona.