Molaetsa wa Morena malebana le Bafilesita
1 Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho moporofeta Jeremia, malebana le Bafilesita, Faro a eso futuhele Gasa.
2 Morena o bua tjena:
“Metsi ke ao,
a phorosela ho tswa leboya,
a tla ka sekgahla
se kang sa sekgohola,
a tla aparela naha
le tsohle tse ho yona,
a aparele metse
le baahi ba yona bohle.
Banna ba tla tshoha
ba hlabe mokgosi,
baahi bohle ba naha
bona ba bokolle,
3 ha ho utlwahala
modumo wa ditlhako,
wa ditlhako tsa dipere tsa hae,
ho utlwahala lekgarakgara,
lekgarakgara la kariki
tsa hae tsa ntwa,
ho utlwahala le modumo
wa mabidi a tsona,
bo-ntata ha ba sa tla natsa
le bana ba bona,
hobane matsoho a bona
a tla be a fokola.
4 Tsatsi le fihlile,
tsatsi la ho timetsa Bafilesita,
basireletsi ba Tire le Sidone
ba tla fediswa,
hobane Morena
o tla timetsa Bafilesita,
masalla a sehlekehleke sa Kafatore.
5 Gasa e tla ba bofifing,
e beole hlooho,
Ashekelone yona e tla ripitlwa.
Lona masalla a tjhaba sa Baanake,
le tla itlhokofatsa,
le lle ho fihlela neng?
6 Wena sabole ya Morena,
o tla phomola neng?
Boela selateng sa hao,
o phomole,
o ikgutsetse.
7 E ka kgutsa jwang,
Morena a e neile taelo,
taelo ya ho futuhela Ashekelone,
ya ho futuhela naha
tse bopong la lewatle?
Ke hona moo Morena
a e laoletseng teng.”