JEREMIA 45

Tshepiso ya Modimo ho Baruke

1 Ka selemo sa bone sa puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, yare hoba Baruke, mora wa Neriya, a qete ho ngola mantswe a tswang molomong wa Jeremia, a a ngole bukeng, Jeremia a re ho yena:

2 “Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena ho wena Baruke:

3 O itse:

4 “Wena Jeremia, o tle o re ho yena:

5 Na wena o ipatlela tse kgolo? Se ke wa di batla, hobane ke tla dihela koduwa hodima batho bohle, ho rialo Morena, empa wena ke tla o baballela bophelo ba hao hohle moo o yang teng.> ”