Jeremia le Barekabe
1 Mehleng ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe le tswang ho Morena le ile la fihla ho Jeremia, la re:
2 “Tsamaya o yo bua le morabe wa Barekabe, ebe o ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, o ba kenya ka ho e nngwe ya dikamore, o ba fa veine hore ba e nwe.”
3 Yaba ke nka Jaasaneya, mora wa Jeremia, setloholo sa Habasiniya le bana babo, le bara ba hae bohle, le morabe wohle wa Barekabe.
4 Ka ba tlisa ka Tempeleng ya Morena, ka ba kenya ka kamoreng ya bara ba Hanane, mora wa Jigedaleya, moporofeta wa Modimo ya neng a le haufi le kamore ya mahosana, e neng e le kahodimo ho kamore ya Maasiya, mora wa Shalome, eo e neng e le molebedi wa monyako.
5 Yaba ke bea kapele ho ba morabe wa Barekabe dinkgo tse tletseng veine, ka bea le mehope, ka re ho bona: “Nwaang veine ke ena.”
6 Empa bona ba re: “Re ke ke ra nwa veine, hobane ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, o ne a re laele, a re: 7 Le se ke la haha le matlo, kapa la jala peo, kapa la lema dirapa tsa morara, kapa la ba le e nngwe ya dintho tsena, empa ka matsatsi wohle a bophelo ba lona le iphelele ditenteng, hore le tle le phele halelele naheng eo le e jakileng.> 8 Kahoo re hlomphile taelo eo ya ntata rona moholo Jonadabe, mora wa Rekabe, dinthong tsohle tseo a re laetseng tsona, e leng ho se nwe veine ka matsatsi wohle a ho phela ha rona, rona le basadi ba rona, le bara ba rona, le baradi ba rona. 9 Ha re eso ikgahele matlo ao re phelang ho wona; ha re na dirapa tsa morara kapa masimo leha e le yona peo. 10 Haesale re iphelela ditenteng, re hlompha, mme re phetha tsohle tseo ntata rona moholo Jonadabe a neng a re laele tsona. 11 Empa ya na yare mohla Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a futuhelang naha ena, ra re: Ke ka lebaka lena re phelang mona Jerusalema.” 12 Yaba lentswe la Morena le fihla ho Jeremia, le re: 13 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: Tsamaya o yo botsa banna ba morabe wa Juda, le baahi ba Jerusalema, o re: 14 15 Hape, ka makgetlokgetlo, ke le rometse bahlanka ba ka bohle, e leng baporofeta, ka re ba re ho lona: “Motho ka mong a ke a kgutle tseleng ya hae e kgopo, le fetole mekgwa ya lona, le se ke la latela medimo esele, la e sebeletsa, mme le tla phela naheng eo ke e neileng lona le bo-ntata lona.” Empa ha le a ka la sekeha ditsebe tsa lona, leha e le ho mmamela. 16 Ditloholo tsa Jonadabe, mora wa Rekabe, tsona di phethile ditaelo tseo moholoholo wa tsona a neng a di laele tsona, empa setjhaba sena sona ha se a ka sa mmamela.> 17 “Ka baka leo, Morena Modimo wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: 18 Yaba Jeremia o re ho ba morabe wa Barekabe: “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: 19 Jonadabe, mora wa Rekabe, ha a ka ke a hloka setloholo se tla ntshebeletsa,> ho rialo Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele.”