JEREMIA 27

Juda e tla sebeletsa Nebukadenesare

1 Tshimolohong ya puso ya Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda, lentswe la Morena la fihla ho Jeremia, la re:

2 Morena o bua tjena ho nna: “Iketsetse marapo le dijoko, o di tlamelle molaleng wa hao.

3 Ebe o romela molaetsa ho kgosi ya Edomo, le ho kgosi ya Moabe, le ho kgosi ya Baamone, le ho kgosi ya Tire, le ho kgosi ya Sidone; o o romele ka maqosa a tlileng Jerusalema ho Sedekiya, kgosi ya Juda.

4 O laele maqosa ao hore a tle a re ho beng ba wona:

5 Ka matla a ka, le ka letsoho la ka le otlolohileng, ke nna ya entseng lefatshe, le motho, le diphoofolo tse teng lefatsheng, mme tsena tsohle ke di nea eo ke fumanang ho lokela ho mo nea tsona.

6 Jwale dinaha tsena tsohle ke di neile mohlanka wa ka, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona; ke bile ke mo neile le diphoofolo tsohle tsa naha hore di mo sebeletse.

7 Ditjhaba tsohle di tla mo sebeletsa, di sebeletse le mora wa hae le setloholo sa hae, ho fihlela nako e baletsweng naha ya hae e fihla, ebe jwale ditjhaba tse ngata, le dikgosi tse matla, di mo sebedisa kamoo di ratang kateng.

8 “ ho rialo Morena.

9

10 Ba le porofetela leshano, hore le tle le iswe hole le naha ya lona, nna ke tle ke le leleke, ebe le a timela.

11 Empa setjhaba se tla diha molala wa sona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, se e sebeletse, sona ke tla se tlohela se nne se be naheng ya sona, se e leme, se phele ho yona,> ho rialo Morena.”

12 Le ho Sedekiya, kgosi ya Juda, ka bua wona mantswe ana wohle, ka re: “Dihang melala ya lona tlasa joko ya kgosi ya Babilona, le e sebeletse, le tle le phele.

13 Ke ka baka lang ha wena le setjhaba sa hao le rata ho bolawa ka sabole, le ke sekoboto, le ke lefu la sewa, jwalokaha Morena a boletse malebana le setjhaba se sa tlo sebeletsa kgosi ya Babilona?

14 Ka baka leo, le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba reng ho lona: hobane ba le porofetela leshano.

15 Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”

16 Le ho baprista le setjhaba sohle ka bua, ka re: “Morena o re: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba lona, ba le porofetelang, ba re: hobane ba le porofetela leshano.

17 Le se ke la ba mamela; le sebeletse kgosi ya Babilona, le tle le phele. Ke ka baka lang ha le rata hore motse oo o tle o fetohe lesupi?

18 Empa haeba e le baporofeta, mme eba mantswe a bona ke a Morena, a ba ke ba rapele Morena wa mabotho hona jwale, hore thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema, e se ke ya iswa Babilona.

19 “Morena wa mabotho o bua tjena malebana le ditshiya le tanka eo baprista ba tollang ka ho yona le ditshehetso le thepa e setseng motseng ona,

20 eo Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, a sa kang a e nka ha a ne a thopa Koniya, mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, a mo thopa Jerusalema, a mo isa Babilona, le mahosana wohle a Juda le Jerusalema;

21 e, Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le thepa e setseng ka Tempeleng ya Morena, le ka tlung ya kgosi ya Juda le Jerusalema:

22 ho rialo Morena,