Tshepo ya kamoso
1 “Ho madimabe badisa ba timetsang dinku tsa makgulo a ka, ba di qhale,” ho rialo Morena.
2 Ka baka lena, Morena Modimo wa Iseraele, o bua tjena malebana le badisa ba alosang setjhaba sa hae: “Le qhadile mohlape wa ka, la o leleka, mme ha le a ka la o hlokomela. Bonang, ke tla le otla ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona,” ho rialo Morena.
3 “Nna ka seqo, ke tla bokella masalla a mohlape wa ka dinaheng tsohle tseo ke neng ke o leleketse ho tsona, ke boele ke o kgutlisetse masakeng a wona, mme o tla tswala, o anafale.
4 Ke tla o kgethela badisa ba tla o alosa. Ha o sa tla hlola o tshaba letho, kapa o tsieleha, mme ha ho le e nngwe ya wona e tla lahleha,” ho rialo Morena.
5 “Bonang, matsatsi a a tla,”
ho rialo Morena,
“ao ka wona ke tla tsosa
lehlomela le lokileng la Davida,
kgosi e tla busa,
e sebetse ka bohlale,
e sebetse ka toka
le ka ho loka lefatsheng.
6 Mehleng ya kgosi eo,
Juda e tla pholoswa,
Iseraele le yona
e iphelele ka kgotso.
Lebitso le tla rewa kgosi eo
ke lena:
Morena ke yena
ho loka ha rona.
7 “Ka baka leo, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, ao ka wona ba ke ke ba hlola ba re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya nyolotseng bana ba Iseraele naheng ya Egepeta.”
8 Empa ba tla re: “Re hlapanya ka Morena ya phelang, ya ileng a ntsha ditloholo tsa ntlo ya Iseraele naheng e ka leboya, le dinaheng tsohle tseo a neng a di leleketse ho tsona, mme di tla aha naheng ya tsona.”
Baporofeta ba bohata
9 Malebana le baporofeta, Jeremia o re:
Pelo ya ka e nyahame kahara ho nna,
e nyahamisitswe ke baporofeta;
masapo a ka wohle
a kenwe ke thothomelo.
Ka baka la Morena
le mantswe a halalelang a hae,
ke se ke itshwanela
le monna wa letahwa,
ke tshwana le monna
ya itlopileng veine.
10 Naha ena yohle
e se e tletse difebe,
ka baka la thohako
naha e apere bofifi,
makgulo a dithota a omeletse.
Tsela tsa difebe tsena ke tse kgopo,
matla a tsona ha a sebediswe ka toka.
11 “Baporofeta le baprista
bobedi ba silafetse,
e, ka tlung ya ka
ke fumane bokgopo ba bona,”
ho rialo Morena.
12 “Tsela ya bona e tla thella,
e thelle jwaloka e lefifing,
ba tla kgarametswa,
ba wele fifing leo,
hobane ke tla theolela koduwa
hodima bona, ka selemo sa kotlo,”
ho rialo Morena.
13 “Ke bone sebe
sa baporofeta ba Samaria,
ba porofetile ka Baale,
ba kgelosa tjhaba sa ka sa Iseraele.
14 Hara baporofeta ba Jerusalema
ke bone se tshosang:
Ba etsa bofebe,
ba phela ka ho bua mashano,
ba bile ba kgothaletsa batho
ho etsa bokgopo,
hoo ho seng ya furallang
bokgopo ba hae.
Kaofela ha bona
ho nna ba tshwana le ba Sodoma,
baahi ba teng
ba tshwana le ba Gomora hantle.”
15 Ka baka leo, Morena wa mabotho o bua tjena malebana le baporofeta:
“Bonang, ke tla ba nwesa lengana,
ke ba nwese metsi
a babang sa leshokgwa,
hobane ho silafala
ho tletseng kahara naha
ke ho tswang ho baporofeta,
baporofeta ba Jerusalema.”
16 Morena wa mabotho o bua tjena:
“Le se ke la mamela
mantswe a baporofeta,
ba le porofetelang
ka ho le bolella mafeela;
ba bua ka dipono tse tswang
mehopolong ya bona,
e seng tse tswang
ka molomong wa Morena.
17 Ho ba nnyedisang,
baporofeta ba re ho bona:
le tla phela ka kgotso;> ho ba latelang pelo tsa bona tse manganga, ba re: e tla le wela hodimo!> 18 Ke ofe ho bona ya kila ba lekgotleng la Morena? Ke ofe ya kila mmona, a ba a utlwa ntswe la hae? Ke ofe ya kila utlwa ntswe la hae, a le mamela? 19 Tsokotsane sa Morena se tsohile, se tsohile ka sekgahla le ka kgalefo, ka sekgahla, ba kgopo se a ba tsukutla. 20 Kgalefo ya Morena ha e ka ke ya kgaotsa, ho fihlela e phethahatswa ke yena, ho fihlela a phethile merero ya hae; sena le tla se utlwisisa mehleng ya ho qetela. 21 Baporofeta bana ha ke a ka ka ba roma, empa ba ile ba ya ba potlakile; ha ke eso ka ke bua le bona, empa bona ba porofetile. 22 Ha ba ne ba bile teng kgotleng la ka, ba ka be ba entse hore tjhaba sa ka se utlwe mantswe a ka, ba se kgelositse tsela tsa sona tse kgopo, ba se kgutlisitse ketsong tsa sona tse kgopo.” 23 Morena o re: “Ke Modimo ya teng hohle, ya teng hole le haufi. 24 Na motho a ka ipata dikgotjheletsaneng, a ipata teng, yaba ha ke mmone?” ho rialo Morena. “Na ha ke fumanwe lehodimong le lefatsheng?” ho rialo Morena. 25 “Ke utlwile se bolelwang ke baporofeta bana ba porofetang mashano ka lebitso la ka, ba re: 26 Baporofeta baa ba tla porofeta mashano ho fihlela neng? E, ke baporofeta ba porofetang mashano a tswang mehopolong ya bona. 27 Ka ditoro tsena tseo ba di bolellanang, ba nahana hore ba tla etsa hore setjhaba sena sa ka se lebale lebitso la ka, jwalokaha bo-ntata bona ba ile ba lebala lebitso la ka ka baka la Baale. 28 Moporofeta ya lorileng toro a ke a bolele toro eo, le ya tsebang lentswe la ka a ke a le bolele ka botshepehi. Mmoko ke eng, ha o bapiswa le koro?” ho rialo Morena. 29 “Na lentswe la ka ha le tshwane le mollo?” ho rialo Morena. “Na ha le tshwane le hamore e thuang mafika, e a etse maqhetswana? 30 “Ka baka leo, ke hanyetsana le baporofeta ba utswang mantswe a ka ka ho a nka melomong ya ba bang,” ho rialo Morena. 31 “Ke hanyetsana le baporofeta ba buang ka maleme a bona, ba re: 32 “Ke hanyetsana le ba porofetang ditoro tsa mashano, ba be ba di bolele, ba etse hore setjhaba sa ka se kgelohe ka baka la mashano ao a bona le boithoriso boo ba bona, athe ke ne ke sa ba roma, le ho ba laela ke sa ba laela,” ho rialo Morena. “Ka baka lena, ha ba etsetse setjhaba sena molemo,” ho rialo Morena. 33 “Ha o ka botswa ke setjhaba sena, kapa ke baporofeta, kapa ke baprista, ha thwe: 34 Ha e le moporofeta, kapa moprista, kapa e mong wa setjhaba ya ka reng: 35 Kahoo motho ka mong o tla re ho mohahabo, kapa motho ka mong a re ho ngwanabo: 36 Ha le ka ke la hlola le bua ka molaetsa wa Morena hape, hobane lentswe la motho ka mong e tla ba lona molaetsa wa hae. Le sokamisitse mantswe a Modimo ya phelang, a Morena wa mabotho, Modimo wa rona. 37 Wena o tle o bue tjena ho moporofeta, o re: 38 “Empa erekaha le re: 39 ka baka leo, bonang, nna, e leng nna, ke tla le lebala ho hang, ke le furalle le motse ona oo ke neng ke o nee lona le bo-ntata lona, ebe ke le leleka mahlong a ka. 40 Ke tla le swabisa kamehla yohle, ke le hlabise dihlong, tse ke keng tsa lebalwa kamehla yohle.”Molaetsa wa Morena