JEREMIA 22

Molaetsa wa Jeremia ho ba ntlo ya Juda

1 Morena o bua tjena: “Theohela tlung ya kgosi ya Juda, o yo phatlalatsa molaetsa ona hona teng,

2 o re:

3 Morena o bua tjena: Ahlolelang batho ka toka le ka nepo, le namolele ya tlatlapuwang matsohong a motlatlapi wa hae. Le se ke la etsa moditjhaba, kgutsana kapa mohlolohadi hampe, kapa la ba hlokofatsa, leha e le ho tsholla madi a se nang molato sebakeng sena.

4 Haeba ruri tsena le ka di etsa, dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida di tla kena dikgorong tsa motse ona, di palame kariki tsa ntwa le dipere, di tsamaya mmoho le bahlanka ba tsona, le setjhaba sa tsona.

5 Empa haeba le sa mamele mantswe ana, ke a le hlapanyetsa hore ntlo ena e tla fetoha dithako,> ”ho rialo Morena.

6 Morena o bua tjena malebana le ntlo ya kgosi ya Juda:

“Le hoja ho nna o ka Gileade,

o tshwana le tlhoro ya Lebanone,

ruri ke tla o fetola lehwatata,

ke o fetole metse e hloka baahi.

7 Ke tla o romela ba tla o timetsa,

motimetsi ka mong

a nkile hlomo tsa hae;

ba tla rema fate tsa hao tse ntle,

fate tsa hao tsa dikedare,

ba di reme ba di lahlele mollong.

8 “Ditjhaba tse ngata di tla feta pela metse ena, motho ka mong a botse wa habo, a re:

9 Ba tla araba, ba re:

Molaetsa wa Jeremia ho Shalome

10 Se lleleng mofu,

le kgutsana le se e rwale,

le mpe le llele haholo ya thopilweng,

hobane ha a ka ke a hlola

a kgutla hape,

leha e le ho bona

fatshe la tswalo ya hae.

11 Morena o bua tjena malebana le Shalome,mora wa Josiya, kgosi ya Juda, ya ileng a hlahlama ntatae, ya eba kgosi ya Juda, empa jwale ya seng a tlohile sebakeng sena: “A ke ke a hlola a kgutlela sebakeng sena hape.

12 O tla shwela naheng eo a thopetsweng ho yona, mme a ke ke a hlola a bona naha ena hape.”

Molaetsa wa Jeremia ho Jehoyakime

13 “Ho madimabe ya hahang

ntlo ya hae ka bolotsana,

a hahe disolloro tsa yona

ka bomenemene;

ya etsang hore mohahabo

a sebeletse lelea,

ya sa lefeng moputso

wa mosebeletsi wa hae.

14 Ya reng:

ntlo ya ka e kgolo,

e nang le disolloro tse batsi.>

A fela a e etsetsa difesetere,

mabota a a manehe

mapolanka a dikedare,

a ba e dile ka mobu o mofubedu.

15 “Na o tla busa

hobane o hahile ka dikedare?

Na ntatao yena o na sa je,

mme a sa nwe?

Empa o nnile a sebetsa

ka toka le ka ho loka,

yaba o phela hamonate,

a phela ka boiketlo.

16 O ila ahlolela

mofutsana le mohloki,

yaba o phela hamonate,

a phela ka boiketlo.

Na hoo e ne se hona ho ntseba?

ho rialo Morena.

17 “Mahlo a hao le pelo

di buswa ke meharo ya hao,

di buswa ke ho tsholla madi

a se na molato,

di buswa ke kgatello

le tlhokofatso ya batho.”

18 Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda:

“Ha ba ka ke ba mo llela,

ba re:

Jo nna, kgaitsedi ya ka!>

Ha ba ka ke ba mo llela,

ba re:

Jo nna, tlotla ya hae!>

19 Phupu ya hae

e tla tshwana le ya tonki,

a hulanngwe, a lahlelwe kantle,

a akgelwe thoko

ho kgoro tsa Jerusalema.”

Molaetsa wa ho timetswa ha Jerusalema

20 “Nyolohela Lebanone,

o yo howa hona teng,

o meketse, ntswe la hao

le yo utlwahala Bashane,

o meketse haholo

o le thabeng tsa Abarime,

hoba baratuwa ba hao bohle

ba timeditswe.

21 Ka na ka bua le wena

ha o no sa atlehile,

yaba wena o re:

Bona ke boitshwaro ba hao

ho tloha botjheng ba hao,

hore lentswe la ka

o se ke wa le mamela.

22 Moya o tla fefola

badisa ba hao bohle,

baratuwa ba hao bohle

ba tla thopuwa.

Ruri o tla hlajwa ke dihlong,

o tlontlolohe, o tsielehe

ka baka la bokgopo ba hao bohle.

23 Wena moahi ya phelang Lebanone,

ya phelang tlung

e hahilweng ka dikedare,

o tla dumaela hakae

ha mahlaba a o fihlela,

mahlaba a kang a mosadi,

mosadi a kena tlung!

Modimo o ahlola Koniya

24 “Ke a le hlapanyetsa,” ho rialo Morena, “Leha eba wena Koniya,mora wa Jehoyakime, kgosi ya Juda, o ne o ka ba lesale le monwaneng wa letsoho la ka le letona, ke ne ke tla o rola.

25 Ke tla neelana ka wena matsohong a ba batlang ho o bolaya, bona bao o ba tshabang, e leng matsohong a Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, le matsohong a Bakalatiya.

26 Wena, le mmao ya o tswetseng, ke tla le lahlela kantle, naheng eo le sa tswallwang ho yona, mme le tla shwela hona teng.

27 Empa ha e le naha eo le labalabelang ho kgutlela ho yona, yona le ke ke la kgutlela ho yona.”

28 Na Koniya hase nkgwana

e nyatsehang, e matlere?

Na hase sejana seo

ho seng ya se thabelang?

Ke hobaneng ha yena

le bana ba hae ba lelekilwe,

ba leleketswe naheng

eo ba sa e tsebeng?

29 Oho, wena lefatshe,

wena lefatshe, wena lefatshe!

Ako mamele lentswe la Morena!

30 Morena o bua tjena:

“Ngolang hore monna enwa

ha a na bana,

ke motho ya ke keng a atleha

bophelong ba hae,

ha ho le ya mong wa bana ba hae

ya tla atleha,

ya tla dula teroneng ya Davida,

ya tla busa ba morabe wa Juda.