Ho hlolwa ha Jerusalema ho a porofetwa
1 Lentswe la Morena la fihla ho Jeremia nakong eo kgosi Sedekiya a neng a rometse Pashahure, mora wa Malakiya, le moprista Sofonea, mora wa Maasiya. Ba re ho Jeremia:
2 “Re a o kopa: Ako re buelle ho Morena, hobane Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o a re futuhela. Mohlomong Morena o tla re etsetsa mohlolo jwalokaha a ne a etse ka nako e fetileng, mme eo a se ke a hlola a re futuhela.”
3 Yaba Jeremia o re ho bona: “Bolellang Sedekiya, le re:
4 5 Nna ka seqo, ke tla le futuhela ka letsoho le otlolohileng, le matla, ke halefile, ke le bohale, kgalefo ya ka e tlokoma. 6 Ke tla otla baahi ba motse ona le diphoofolo: Bohle ba tla bolawa ke lefu la sewa. 7 Hamorao,> ho rialo Morena, 8 “O tle o re ho setjhaba sena: 9 Ya tla sala motseng ona o tla bolawa ka sabole, kapa a bolawe ke sekoboto, kapa a bolawe ke lefu la sewa. Empa ya tla tswa a yo ineela ho Bakalatiya ba le etseditseng thibella, yena o tla phela, a ikgapele bophelo ba hae. 10 Ke reretse motse ona bobe e seng botle,> ho rialo Morena. 11 “Hape bolella ba ntlo ya bokgosi ba Juda, o re: 12 Oho, lona ba ntlo ya Davida, Morena o bua tjena: “ hoseng ha letsatsi ka leng, namolelang motlatlapuwa matsohong a motlatlapi, esere kgalefo ya ka ya laima malakabe, ya tuka hoo ho seng ya ka ba e tima, ka baka la bokgopo ba diketso tsa lona. 13 Morena o re: Lona baahi ba kgohlo ke a le futuhela, lona ba phelang hodima sehlaba se mafika, lona ba reng: “Re ka futuhelwa ke mang? Diahelong tsa rona ho ka kena mang?” 14 Morena o re: Ke tla le otla ho ya ka diketso tsa lona, ke hotetse hlaha merung ya lona, ke e tjhese, tsohle tse le potapotileng di tla timela.> ”Ntlo ya bokgosi ya Juda e a ahlolwa