JEREMIA 20

Qabang ya Jeremia le Pashahure

1 Ha Pashahure, mora wa moprista Imere, eo e neng e bile e le mookamedi wa Tempele ya Morena, a utlwa hore Jeremia o porofeta dintho tsena,

2 a re moporofeta Jeremia a shapuwe, a tlamellwe pakeng tsa dikoqo tse neng di le Monyakong wa Benjamine o kahodimo, pela Tempele ya Morena.

3 Ka letsatsi le hlahlamang, Pashahure a re Jeremia a lokollwe. Yaba Jeremia o re ho yena: “Lebitso leo Morena a o reileng lona hase Pashahure, empa ke Kahohle ke Matshabeho.

4 Morena o bua tjena:

5 Maruo wohle a motse ona, le tsohle tse sebeditsweng ka thata, le dintho tsohle tsa bohlokwa, le matlotlo wohle a dikgosi tsa Juda, tsena tsohle ke tla neelana ka tsona matsohong a dira tsa bona. Dira di tla di hapa, di di nke, di ye le tsona Babilona.

6 Ha e le wena Pashahure, le bohle ba phelang tlung ya hao, le tla thopuwa, le iswe Babilona. O tla shwela teng, mme o epelwe teng, wena le metswalle yohle ya hao eo o e porofetetseng leshano.> ”

Jeremia o ipelaetsa ho Morena

7 Morena, o ile wa nthetsa,

ka thetseha,

wena o matla ho mpheta,

mme o ntlhotse.

Tsatsi lohle ba ntlepa ditsheho,

motho ka mong

o nnyekoletsa melomo.

8 Kamehla ha ke bua ke ye ke howe,

ke meketse, ke re:

“Moferefere le timelo!”

Ka dinako tsohle ke a songwa,

ke a nyatsuwa,

ka baka la ho bolela

lentswe la Morena.

9 Ha ke re: “Ha ke sa tla hlola

ke bua ka Morena,

ha ke sa tla hlola

ke bolela bitso la hae,”

ka pelong ya ka

ntswe la hae ke malakabe,

ke mollo o tukang

kahara masapo a ka,

ke se ke kgathetse

ke ho hlola ke o bipile,

ho o mamella le hona ho a ntshita.

10 Ke utlwa ba bangata

ba ntse ba hweshetsa,

ba re: “Kahohle ke Matshabeho!

Mo hlahatseng!

A re mo hlahatseng!”

Metswalle ya ka yohle

e laletse hore ke fose,

e re:

“Mohlomong a ka nna thetseha,

yaba re tseba ho mo hlola ke hona,

ra ba ra tseba

le ho iphetetsa ka yena.”

11 Empa Morena o na le nna,

o matla, o a tshabeha,

kahoo bahlorisi ba ka

ba tla kgothometseha.

Ha ba ka ke ba ba ba hlola,

ba tla hlajwa ke dihlong haholo,

merero ya bona e ke ke be ya atleha,

le dihlong tsa bona

di ke ke be tsa lebalwa.

12 Empa wena Morena mabotho,

wena ya hlahlobang ba lokileng,

wena ya bonang

botebo ba dipelo tsa batho,

a nke ke bone

ha o iphetetsa hodima bona,

hobane nyewe ya ka

ke e beile kapele ho wena.

13 Binelang Morena, le mo rorise!

O pholositse bafumanehi

matsohong a ba kgopo.

14 Ho ke ho rohakehe

tsatsi la tswalo ya ka!

Tsatsi leo ke belehilweng ka lona,

tsatsi leo le se hlohonolofale!

15 Ho ke ho rohakehe

ya ileng a behela ntate,

yena ya ileng a mo thabisa, a re:

“O tswaletswe ngwana moshanyana!”

16 Motho eo a ke a tshwane le metse,

metse eo Morena

a ileng a e timetsa ho se mohau.

Motho eo a ke a utlwe dillo

e sa le ka matjeke,

mokgosi wa ntwa a o utlwe

ha tadi e anyesa,

17 hoba ha a ka a mpolaya

ke eso tswalwe,

popelo ya mme

ya eba lebitla la ka,

mme ya eba moimana

kamehla yohle.

18 Ekaba ke ne ke tswelang

popelong ya mme,

hore ke tlo bona

ditsietsi le maswabi,

bophelo ba ka

ke bo qete ke le dihlong?