Nkgo e pshatlehileng
1 Morena o bua tjena: “Tsamaya, o yo reka nkgo ya letsopa. O tsamaye le ba bang ba baholo ba setjhaba, le ba bang ba baprista ba seng ba hodile.
2 O theohele ka Kgohlong ya Mora wa Hinome, e pela Monyako wa Mangetana. Ha o fihla teng o phatlalatse mantswe ana, ao ke tla o bolella wona,
3 o re: 4 Ke hobane ba mphuraletse, ba silafaditse sebaka sena, ba tjhesetsa mokubetso ho sona, ba o tjhesetsa medimo esele, eo bona le bo-ntata bona, kapa dikgosi tsa Juda, ba sa kang ba e tseba, mme sebaka sena ba se tlatsa madi a se nang molato. 5 Ba hahetse Baale dibaka tsa borapedi, hore ba tjhesetse bara ba bona ho tsona, ba etsetse Baale nyehelo ya setjheso, e leng ntho eo ke sa kang ka ba laela yona, kapa ka e bua, kapa ka e nahana. 6 Ka baka leo, hlokomelang, matsatsi a a tla, ho rialo Morena, ao ka wona batho ba ke keng ba hlola ba bitsa sebaka sena. Tofete kapa Kgohlo ya Mora wa Hinome, empa ba tla se bitsa Kgohlo ya Polaelo. 7 “ 8 Metse ena ke tla e senya e be sebonwang-se-bonwake-bohle; bo-mofeta-ka-tsela ba tla makala, ba thukuthe dihlooho ka baka la koduwa eo. 9 Ke tla etsa hore ba je nama ya bara le baradi ba bona, motho ka mong a je nama ya setopo sa motswalle wa hae nakong ena ya tsietsi, eo ka yona dira tsa bona, tse batlang ho ba bolaya, di tla be di ba etseditse thibella.> 10 “Jwale o tlo pshatle nkgo ena moo banna ba tsamayang le wena ba ntseng ba bona, 11 mme o re ho bona: 12 Sena ke tla se etsa sebakeng sena le ho baahi ba sona, ho rialo Morena. Motse ona ke tla o etsa hore o be jwaloka Tofete. 13 Matlo a Jerusalema le matlo a dikgosi tsa Juda a tla silafatswa jwaloka sebaka sa Tofete, ka baka la matlo wohle ao ba ileng ba hlwella hodima wona, ba tjhesetsa mokubetso hodima marulelo a wona, ba o tjhesetsa dinaledi, mme ba qhatsetsa medimo esele nyehelo ya dino.> ” 14 Yaba Jeremia o kgutla Tofete, moo Morena a neng a mo rometse teng ho ya porofeta. A fihla a ema lebaleng la Tempele ya Morena, a re ho setjhaba sohle: 15 “Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena: