Sebe sa Bajuda le kotlo ya bona
1 “Sebe sa Bajuda se ngotswe
ka pene ya tshepe,
sa ngolwa pelong tsa bona,
sa ngolwa ka daemane e le ntjhotjho,
sa ngolwa le manakeng
a dialetare tsa bona.
2 Le bana ba bona ba ntse ba hopola,
ba hopola dialetare tsa bona,
aletare tsa Ashera,
tse tlasa fate tse talana
tse hodima maralla.
3 Thaba ya ka le naha e e potileng,
maruo le matlotlo wohle a lona,
tsena ke tla fana ka tsona
e be lelobelo,
ke fane ka dibaka tsa lona,
baka tsa lona tsa borapedi,
ka baka la sebe
se entsweng naheng ena yohle.
4 Ka baka la phoso tsa lona
le tla lahlehelwa,
le lahlehelwe ke lefa
ke le file lona.
Ke tla le etsa makgoba
a dira tsa lona,
ke le etse makgoba
naheng eo le sa e tsebeng,
hobane le entse
hore kgalefo ya ka e tuke,
e laime malakabe kamehla yohle.”
5 Morena o bua tjena:
“Ho ke ho rohakehe
ya itshepisitseng batho,
yena ya tshepileng matla
a letsoho la hae,
eo pelo ya hae
e furaletseng Morena.
6 O tla tshwana le sehlahla
se metseng hara lehwatata,
ha a ka ke a bona
le tse molemo ha di etla.
O tla aha matswatlareng
a omeletseng a lehwatata,
a ahe naheng e lenyekethe,
e hlokang baahi.
7 “Ho lehlohonolo motho
ya itshepetseng Morena,
eo tshepo ya hae
e leng yena Morena.
8 O tla tshwana le sefate
se lemilweng pela metsi,
seo metso ya sona
e namelang pela molatswana.
Ha se ke se tshoswa
ke ho fihla ha lebatama,
mahlaku a sona
a matalana kamehla,
ka nako ya komello
ha se ke se tshwenyeha,
kamehla se beha
ditholwana tsa sona.”
9 Pelo e tletse mano
ho feta dintho tsohle,
e senyehile
hoo e ke keng ya phekolwa,
ke mang ya ka e utlwisisang?
10 “Ke nna Morena ya lekolang dipelo,
mohopolo le wona o lekolwa ke nna.
Ke putsa motho
ho ya ka diketso tsa hae,
ho latela tholwana
tsa mesebetsi ya hae.”
11 Jwaloka nonyana
e fuamang mahe e se a yona,
ya ruang ka mano le yena o jwalo,
bohareng ba bophelo ba hae
maruo ao a tla mo fella,
qetellong bothoto ba hae
bo bonahale.
12 Terone e tlotlehang, e phahameng,
haesale ho tloha tshimolohong,
ke sona sebaka
sa Sehalalelo sa rona.
13 Oho, wena Morena,
tshepo ya Iseraele,
bohle ba o furallang
ba tla tlontlollwa,
bohle ba o furallang
ba tla timela,
hoba ba furaletse Morena,
diba sa metsi a bophelo.
Jeremia o kopa thuso ho Morena
14 Mphodise, Morena,
mme ke tla fola,
mpholose, Morena,
mme ke tla pholoha,
hobane ke wena eo ke mo rorisang.
15 Ba ntse ba re ho nna:
“Di kae dipolelo tsela tsa Morena?
ha a ke a di phethahatse jwale!”
16 Nna ha ke a kgaotsa ho ba modisa
ya o salang morao,
ha ke eso labalabele
tsatsi la ditsietsi,
polelo tsa ka le wena o a di tseba.
17 Wena se ka etsa hore ke o tshohe,
o setshabelo sa ka
nakong ya ditsietsi.
18 Bahlorisi ba ka
ba ke ba hlabiswe dihlong,
nna ke se ke ka hlabiswa dihlong;
etsa hore bona ba tshohe haholo,
nna ke se ke be ka tshoswa ke letho.
Ako ba tlisetse tsatsi la ditlokotsi,
timetso ya bona
o e phethahatse habedi.
Ho boloka tsatsi la Sabatha
19 Morena o ile a bua tjena ho nna: “Tsamaya, o yo ema kgorong eo batho ba kenang ka yona, moo dikgosi tsa Juda di kenang di bileng di tswang le teng; o eme le dikgorong tsohle tsa Jerusalema.
20 O re ho bona: 21 Morena o bua tjena: Haeba le rata ho phela, itlhokomeleng, le se ke la nka thoto ka letsatsi la Sabatha, kapa la e kenya ka dikgoro tsa Jerusalema. 22 Le se ke la ntsha thoto ka matlung a lona, kapa la etsa mosebetsi ofe le ofe ka letsatsi la Sabatha. Empa lona le boloke letsatsi la Sabatha le halalela, jwalokaha ke ne ke laele bo-ntata lona moholo. 23 Feela ha ba a ka ba mamela, leha e le ho sekeha tsebe; ba ile ba satalatsa melala ya bona, hore ba se ke ba utlwa kapa hona ho ithuta. 24 Empa haeba lona le ka mmamela ka hloko,> ho rialo Morena, 25 dikgosi tse dutseng teroneng ya Davida, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena ka dikgoro tsa motse ona. Dikgosi tseo, mmoho le mahosana a tsona, di tla kena di palame dikariki tsa ntwa, di palame le dipere, di ena le banna ba Juda le baahi ba Jerusalema, mme motse ona o tla ba le baahi kamehla yohle. 26 Batho ba tla tla ba etswa metseng ya Juda, le dibakeng tse potapotileng Jerusalema; ba etswa le naheng ya Benjamine, le diphuleng, le dithabeng, le naheng e ka Borwa, ba tlise dinyehelo tsa setjheso le mahlabelo, le dinyehelo tsa dijo, le mokubetso, le dinyehelo tsa teboho, ba di tlise ka tlung ya Morena. 27 Empa haeba le sa mmamele, le sa halaletse letsatsi la Sabatha, le kena ka dikgoro tsa motse wa Jerusalema le nkile thoto ka letsatsi la Sabatha, dikgorong tseo tsa Jerusalema ke tla besa mollo o ke keng wa tingwa, o tla tjhesa matlo a dikgosi tsa Jerusalema.> ”