Letsatsi la koduwa
1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:
2 “O se ke wa nyala mosadi kapa wa ba le bara le baradi sebakeng sena.
3 Morena o bua tjena, ka bara le baradi ba tswaletsweng naheng ena, le ka basadi bao e leng bo-mma bona, le ka banna bao e leng bo-ntata bona:
4
5 Morena o bua tjena: “O se ke wa kena ka tlung e nang le bofifi, o se ke wa lla le ba ka ho yona kapa wa ba tshedisa, hobane ke amohile setjhaba sena kgotso ya ka le lerato la ka le kutlwelobohloko ya ka,” ho rialo Morena.
6 “Ba hlomphehang le ba eisehang ba tla shwela naheng ena. Ha ba na ho epelwa leha e le ho llelwa; ha ho ya tla iphatsa kapa a kute moriri wa hae ho bontsha maswabi a hae.
7 Ha ho ya tla fepa le ho tshedisa ya llelang bafu, leha e le ya llelang ntatae kapa mmae. Ha ho ya tla ba nea ho nowang ho ba tshedisa.
8 “O se ke wa kena ka tlung e nang le mokete, wa dula ka ho yona, yaba o a ja, o a nwa.
9 Morena wa mabotho, Modimo wa Iseraele, o bua tjena:
10 “Etlare ha o bolella setjhaba sena dintho tsena tsohle, se o botse, se re:
11 Jwale wena o tle o re ho sona: 12 Jwale le lona le entse bokgopo bo fetang ba bo-ntata lona. E mong le e mong wa lona o latela ditakatso tsa pelo ya hae e kgopo, e manganga, ha a mmamele. 13 Ka baka leo, ke tla le phahla naheng ena, ke le ise naheng eo lona le bo-ntata lona le sa kang la e tseba. Naheng eo, bosiu le motsheare, le tla sebeletsa medimo esele, hobane nke ke ka le hauhela.> 14 “Ka baka leo, bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ho ke keng ha hlola ho thwe: 15 Empa ho tla thwe: 16 “Ke tla romela batshwasi ba ditlhapi ba bangata,” ho rialo Morena, “mme ba tla ba tshwasa. Hamorao ke tla romela ditsomi tse ngata, mme di tla ba tsoma dithabeng tsohle, le maralleng wohle, le mafarung a mafika. 17 Mahlo a ka a tadimile metsamao yohle ya bona; ha e a pateha ho nna, esita le dibe tsa bona ha di a pateha mahlong a ka. 18 Ke tla ba otlela bokgopo ba bona le dibe tsa bona habedi, hobane ba silafaditse naha ena ya ka, ba e tlatsa dikoqo tse omeletseng tsa medimo ya bona ya bohata, e nyonyehang.” 19 Wena Morena, matla a ka le qhobosheane ya ka, wena tshabelo sa ka nakong ya ditsietsi; baditjhaba ba tla itlisa ho wena, ba itlise ba etswa pheletsong tsa lefatshe, ba re: “Bo-ntata rona ba jele lefa la mashano le la mafeela, la medingwana ya mafeela e se nang molemo. 20 Na motho a ka tseba ho iketsetsa modimo? E, empa eo yona hase medimo!” 21 “Ke ka baka lena ke tla ba ruta, ke ba rute hape la ho qetela, ke ba rute matla a ka le bonatla ba ka, mme ba tla tseba hore nna ke bitswa Morena.”Baiseraele ba kgutla bothopuweng
Kotlo e tlelang Baiseraele
Thapelo ya Jeremia