JEREMIA 15

Setjhaba sa Juda se tla timetswa

1 Jwale Morena a re ho nna: “Leha Moshe le Samuele ba ne ba ka ema kapele ho nna mona, pelo ya ka e ne e ke ke ya utlwela setjhaba sena bohloko. Tlosa batho bana kapele ho nna! Ere ba tsamaye!

2 Haeba ba ka re ho wena: ba bolelle, o re:

ba tla bolawa ke lefu,

ba abetsweng sabole,

ba tla bolawa ke sabole,

ba abetsweng sekoboto,

ba tla bolawa ke sekoboto,

ba abetsweng bothopuwa,

ba tla thopuwa.>

3 “Ke ba kgethetse mekgwa e mene ya ho ba timetsa,” ho rialo Morena. “Sabole e tla ba bolaya, dintja di tla ba harola, dinonyana tsa lehodimo le dibatana tsa naha di tla ba ja, di ba fedise.

4 Ke tla etsa hore mebuso yohle ya lefatshe e thothomele ke tshabo ka baka la seo Manase, mora wa Hesekiya, kgosi ya Juda, a neng a se etse Jerusalema.

5 “O tla utlwelwa bohloko ke mang,

wena Jerusalema?

O tla llelwa ke mang,

wena Jerusalema?

O tla fapohelwa ke mang

ho o botsa bophelo?

6 Ke furaletswe ke wena,

wa nna tjhetjha ka santhao,”

ho rialo Morena.

“Ke tla o tshwara

ka letsoho la ka ke o timetse,

ke se ke kgathetse ke ho o hauhela.

7 Ke tla ba fefera

ka fereko ya ho fefera,

ke ba feferele menyakong ya motse.

Ke tla ba bolaela bana,

tjhaba sa ka ke se fedise,

hobane tsela tsa sona tse kgopo

ha se a di kgeloha.

8 Ke tla eketsa bahlolohadi

hara setjhaba sena,

ba ngatafale

ho feta hlabathe la lewatle.

Hara mpa motsheare

ke tla tlisa motimetsi,

a timetse basadi

ba tswetseng bahlankana,

hanghang tshabo le thothomelo

di ba wele hodimo.

9 Ya nang le bana ba supileng

o tla kgathala,

a kgathalle ruri, a idibane.

Tsatsi le tla mo dikella

e ntse le motsheare,

a hlajwe ke dihlong,

a be a tlontlolohe.

Masalla a setjhaba

ke tla neelana ka wona,

ke a nee dira

di a bolaye ka sabole,”

ho rialo Morena.

Jeremia o ipelaetsa ho Morena

10 Ke madimabe hakaakang, mme,

ha o ila wa mpeleha,

wa mpelehela

hore ke be motho wa diqabang,

motho wa meferefere

hara lefatshe lohle!

Ha ke a ka ka adima

kapa ka adimana,

empa e mong le e mong

o a nthohaka.

11 Yaba Morena o re:

“Ruri wena

ke tla o matlafatsa haholo,

ruri dira tsa hao

di tla be di o rapele,

di o rapele nakong ya mahlonoko,

di o rapele le nakong ya ditsietsi.

12 “Na motho a ka roba tshepe,

a roba tshepe kapa lethose

le tswang leboya?

13 Matlotlo a hao le maruo a hao,

ke tla neelana ka wona,

a etswe lelobelo

ka thupa ya mmowana,

ka baka la dibe tsohle tsa hao,

dibe tseo o di entseng

naheng ena yohle.

14 Ke tla o etsa lekgoba,

kgoba la dira tsa hao,

ke o etse lekgoba

naheng eo o sa e tsebeng.

Kgalefo ya ka e tla hotetsa mollo,

e hotetse mollo o tla o tjhesa.”

15 “O a tseba, wena Morena,

ako nkgopole, o ke o nketele,

ako mphetetse ho batubi ba ka;

kaha o na le mamello,

se ke wa ntimetsa,

hopola ke hlapaolwa

ka lebaka la hao.

16 Hoba ke utlwe dipolelo tsa hao,

di ile tsa ka bohobe ho nna,

ka di ja,

ya eba thabo le monyaka

wa pelo ya ka,

hobane nna

ke bitswa ka lebitso la hao,

oho, wena Morena,

Modimo wa mabotho!

17 Ha ke eso ka ke dula

mokgatlong wa basomi,

ha ke eso ka ke ithabisa le bona;

ke ituletse ke le inotshi

ka baka la matla a hao,

hobane o entse

hore ke halefe haholo.

18 Ke hobaneng bohloko ba ka

ha bo sa fele?

Qeba la ka le phephetha boladu,

le hana ho fola?

Na o tla itshwantsha

le mothetsi ho nna,

o be jwaloka sediba,

diba se metsi a pshang?”

19 Ka baka leo, Morena o bua tjena:

“Haeba o ka baka

ke tla o busetsa tulong tsa hao,

haeba o bua polelo tse ntle

e seng tsa mafeela,

e tla ba wena molomo wa ka,

o ntshebeletse,

tjhaba sena se ye ka ditsela tsa hao,

e seng wena o ye ka ditsela tsa sona.

20 Ke tla o etsa lerako

le haheleditsweng la lethose,

tjhaba sena

o tlo tsebe ho se hlola.

Se tla o lwantsha,

empa se ke ke be sa o hlola,

hoba ke na le wena

ho o pholosa le ho o lopolla,”

ho rialo Morena.

21 “Ke tla o pholosa

matsohong a ba kgopo,

ke o lopolle

matsohong a ba sehloho.”