JEREMIA 14

Komello e kgolo

1 Lena ke lentswe la Morena, le ileng la fihla ho Jeremia, malebana le komello:

2 “Juda e bofifing,

metse e shwa ke lenyora,

tjhaba se rapaletse fatshe,

se apere bofifi,

sello sa Jerusalema

le sona se hlaba hodimo!

3 Mahosana a rometse bahlanka

ho ya kga metsi,

ba fihla didibeng,

ba fumana di se na metsi;

ba kgutla dinkgo tsa bona di le feela,

ba hlabilwe ke dihlong, ba tsielehile,

matsoho ba a beile hodima dihlooho.

4 Naha e omeletse

hobane pula ha e yo,

balemi le bona

pelo tsa bona di nyahame,

matsoho ba a beile hodima dihlooho.

5 Kgama le yona

e tswaletse hara naha,

e siile ledinyane

hoja e qeta ho le tswala,

e le siya

hobane naha e se na jwang.

6 Tonki tse hlaha,

hodima maralla a phollatsi,

di fofonela moya

jwalokaha eka ke diphokojwe,

mahlo a tsona a a eba,

hobane jwang ha bo yo!”

7 Oho, Morena,

leha re qoswa ke dibe tsa rona,

ako re thuse

ka baka la lebitso la hao.

Re kgelohile haholo,

re fela re o sitetswe!

8 Oho, wena tshepo ya Iseraele,

Mopholosi wa yona

ka nako ya ditsietsi,

ke hobaneng

o kang moeti naheng ee,

o kang motsamai

ya fapohelang ho robaletsa?

9 Ke hobaneng

o kang motho ya tsielehileng?

O kang senatla

se sitwang ho re pholosa?

Oho, Morena, wena o hara rona,

wena o itse re setjhaba sa hao;

oho, se re furalle ke hona!

10 Morena o bua tjena ka setjhaba sa hae:

“Se rata ho lelera haholo,

se sitwa ho thibela maoto a sona.

Kahoo Morena ha a se amohele,

jwale o tla hopola bokgopo ba sona,

a se otle ka baka la dibe tsa sona.”

11 Jwale Morena a re ho nna: “O se ke wa rapella katleho ya setjhaba sena.

12 Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”

13 Yaba ke re: “Ao! Morena Modimo, ako bone! Ke baporofeta ba ntseng ba re ho sona:

14 Jwale Morena a re ho nna: “Baporofeta ba porofeta leshano ka lebitso la ka. Ha ke eso ka ke ba roma, kapa ho ba laela, leha e le ho bua le bona. Ba porofeta dipono tsa bohata, le bonohe ba leshano, le dintho tsa mafeela, le dithetso tse tswang dipelong tsa bona.”

15 Ka baka lena, Morena o bua tjena ka baporofeta bana ba porofetang ka lebitso la hae: “Ha ke eso ka ke ba roma, empa bona ba re: Baporofeta bao ba tla bolawa ka sabole, ba bolawe ke sekoboto.

16 “Setjhaba seo ba se porofetelang, se tla lahlelwa diterateng tsa Jerusalema ka baka la sekoboto le sabole. Ha ho ya tla se epela, kapa ya tla epela basadi ba sona, bara ba sona kapa baradi ba sona. Ke tla se dihela koduwa ka baka la bokgopo ba sona.

17 “Ka baka leo, o tlo se bolelle mantswe ana:

di keleketle bosiu le motsheare,

di keleketle di se ke tsa kgaotsa,

hoba moradi wa morwetsana,

e leng tjhaba sa ka,

o qhemeditswe, a etswa ditsekana,

maqeba a hae ha a ka ke a fola.

18 Ha ke tsamaya ke kena hara naha,

ke bona ba bolailweng ka sabole!

Ha ke re ke kena kahara motse,

ke bona ba bolailweng ke sekoboto!

Moporofeta le moprista

ka ho tshwana

ba lelera hara naha

ba sa e tsebe.> ”

Setjhaba se ipiletsa ho Morena

19 “Na o fela o lahlile Juda ho hang?

na o fela o se o nyonya Sione?

Ke hobaneng ha o re otlile,

re se na pheko?

Re ne re lebeletse kgotso,

empa molemo ha re o fumane;

re ne re lebeletse

nako ya ho fodiswa,

empa re bona ditsietsi feela!

20 Morena, re ipolela bokgopo,

bokgopo ba rona;

re bolela le molato,

molato wa bo-ntata rona,

hobane re fela re o sitetswe.

21 Ka baka la bitso la hao

o se ke wa re nyonya,

o se ke wa tlontlolla

terone e tlotlehang ya hao.

Hopola selekane

seo o se entseng le rona,

o se hopole,

o se ke wa se fedisa.

22 Hara medingwana ya mafeela,

medingwana ya baditjhaba,

na o teng

o ka tsebang ho nesa pula?

Na lehodimo

le theola mafafatsane ka bolona?

Na hase wena Morena,

Modimo wa rona?

Ka baka leo, rona re tshepile wena,

hoba tsena tsohle di etswa ke wena.”