JEREMIA 12

Pelaelo ya Jeremia

1 Wena Morena, o lokile kamehla,

ha ke bea nyewe ya ka

kapele ho wena, o lokile,

empa a nke ke bue le wena

ka toka ya hao:

Ke hobaneng ha ba kgopo

ba atleha mererong ya bona?

Ke hobaneng ha ba bolotsana

ba phela ka boiketlo?

2 O ba hlomile,

metso ya bona e tebile;

ba a mela, ba beha ditholwana.

Ba bua ka wena ka molomo feela,

empa pelo tsa bona tsona

di hole le wena!

3 Wena Morena, o ntseba hantle,

o a mpona,

o lekola menahano ya ka

mabapa le wena.

Ba hule sa nku e iswa tlhabong!

Wena o ba beele kathoko,

bakeng sa tsatsi la tlhabo

ba beele kathoko.

4 Naha ee e tla dula e omeletse,

e dule e omeletse ho fihlela neng,

dimela di pone ho fihlela neng?

Kahobane ba phelang naheng ena

ba kgopo,

diphoofolo le dinonyana di shwele.

Ho feta mona, batho ba re:

“Ha a na ho bona

seo re se etsang.”

Modimo o arabela Jeremia

5 “Ha o ila wa kgathala

o ipeisa le batho,

jwale dipere

o tla ipeisa jwang le tsona?

Haeba o ka kgoptjwa

naheng e bataletseng,

mahohoding a Jorodane

o ka tsamaya jwang?

6 Bang ka wena esita le bana beno,

bana le bona ba o ekile,

ba kene hara letshwele

ho o lwantsha,

o se ka ba tshepa,

leha ba o buisa hantle.”

Morena o swabiswa ke tjhaba sa hae

7 “Ke furaletse ntlo ya ka,

ka siya lefa la ka,

moratuwa ka neelana ka yena,

matsohong a dira tsa hae.

8 Lefa la ka le tshwana le tau ya moru;

e a nthorela, kahoo ke e hloile.

9 Lefa la ka le tshwana le nonyana,

nonyana e kgwarahlana,

e ubellwang

ke nonyana tse ding kamahohle.

Tsamayang le yo phutha

batana tsohle tsa naha,

le di phuthe di tle moketeng.

10 Badisa ba bangata

ba sentse tshimo ya ka,

ba hataketse morara wa yona,

ba o hatakela ka maoto,

tshimo ya ka e ntle

ba e fetola lehwatata.

11 Ba e fetotse lehwatata le omeletseng,

le nkotlang pelo ha ke le bona.

Naha yohle e fetohile lehwatata,

hobane ha ho le ya mong

ya e tsotellang.

12 Maralla wohle a lehwatateng

a nyeunya basenyi,

hobane sabole ya Morena

e tla timetsa tsohle,

e timetse

dipheletso tsohle tsa lefatshe,

ha ho le ya mong

ya tla phela ka kgotso.

13 Ba jetse koro,

ba kotula hlabahlabane,

ba sebetsa ka thata,

ba sebeletse lelea,

kotulo ya bona

e ba hlabisitse dihlong,

ka baka la kgalefo ya Morena,

kgalefo e tlokomang.”

14 Ho bohle ba kgopo, bao re ahisaneng le bona, ba hapang naha eo ke e neileng setjhaba sa ka sa Iseraele, Morena o bua tjena: “Ke tla ba tlosa dinaheng tsa bona, ba ntlo ya Juda ke ba ntshe kahara bona.

15 Ha ke se ke ba tlositse ke tla boela ke ba hauhela, mme setjhaba ka seng ke se kgutlisetse naheng ya sona.

16 Haeba ba ithuta mekgwa ya setjhaba sa ka hantle, mme ba hlapanya ka lebitso la ka, jwalokaha ba ile ba ruta setjhaba sa ka ho hlapanya ka Baale, ba re: ba tla tsitsa hara setjhaba sa ka.

17 Empa haeba setjhaba sefe kapa sefe se sa mamele, ke tla se fedisa ho hang, ke se timetse,” ho rialo Morena.