Hosea o phatlalatsa kotlo ya Iseraele
1 Se ke wa nyakalla, wena Iseraele!
Se ke wa thaba
jwaloka ditjhaba tse ding!
O entse bootswa
ka ho furalla Modimo wa hao,
o hloma eka
moputso wa bootswa ba hao
ke mabele a polwang,
a polwang seotlong ka seng.
2 Seotlo le setlhotlelo
di ke ke tsa fepa setjhaba,
veine e ntjha le yona e tla se haella.
3 Se ke ke sa aha naheng ya Morena,
Efraime yena o tla kgutlela Egepeta,
tjhaba se je dijo tse sesila,
se di jele Asiria.
4 Ha se ka ke sa etsetsa Morena
nyehelo tsa veine,
mahlabelo a sona
ha a amohelehe ho yena,
ho sona a tla ka dijo tsa bofifi,
bohle ba di jang ba tla silafala.
Dijo tsa bona
di tla itjellwa ke bona feela,
di ke ke tsa kenngwa
ka Tempeleng ya Morena.
5 Le tla etsang
mohla tsatsi le halalelang,
mohla letsatsi
la mokete wa Morena?
6 Ha ba phasaphasa,
ba baleha timelo,
Egepeta e tla ba kgobokanya,
e ba kgobokanye mmoho,
Memefise yona ebe e a ba epela.
Matlotlo a silefera
a tla melella bobatsi,
meutlwa e ririellane
ka ditenteng tsa bona.
7 A se a fihlile matsatsi a kahlolo!
A se a fihlile matsatsi a phetetso!
Sena Iseraele o tla se tseba!
Le re:
“Moporofeta enwa ke sethoto!
Ya susumetswang ke moya
yena ke lehlanya!”
Hoba bokgopo ba lona bo totile,
le bora ba lona bo totile hakaalo!
8 Moporofeta ke molebedi wa Efraime,
Efraime, tjhaba sa Modimo wa ka;
empa o tjhehetswe maraba,
a a tjhehelwa tseleng tsohle,
ka Tempeleng ya Modimo wa hae
bora bo mo emetse.
9 Ba tetebetse
hara qhafutso ya bokgopo,
ba tetebetse sa mehleng ya Gibea.
Morena o tla hopola
bokgopo ba bona,
ebe o ba otlela dibe tsa bona.
Sebe sa Iseraele le ditholwana tsa sona
10 “Ha ke ne ke qala
ho fumana Iseraele,
o ne a ka morara
o metseng hara lehwatata;
ha ke qala ho bona
baholoholo ba lona,
ba ne ba ka feiye ya dilopotsiya.
Empa hoba ba fihle Baale-Peore,
ba ineella modingwana
o hlabisang dihlong,
ba nyonyeha
sa manyala ao ba a ratang!
11 Tlotla ya Efraime
yona e tla nyamela,
e nyamele sa nonyana e fofela hole,
ho se be pelehi, kemaro, kemolo.
12 Leha ba ka hodisa bana ba bona,
ke tla ba timetsa,
ba hloke le thokolwana.
Ba tla ba madimabe
ha ke ba furalla!
13 Kamoo ke boneng Efraime kateng,
o ne a dutse monateng
sa motse wa Tire;
empa Efraime
o tla tswala bana ba hae,
a ba tswalle ho bolawa,
ho bolawa ke mmolai.”
14 Oho, Morena, ako ba nee!
Ekaba o tla ba nea eng, Morena?
Ba nee dipopelo,
dipopelo tse senyehelwang!
Ba nee matswele,
matswele a sa tsweng lebese!
Morena o tla ahlola Iseraele
15 “Bokgopo bohle ba bona
bo qadile Gilegale,
ka qala ho ba hloya ha ba le moo.
Ka baka la bokgopo bona ba bona,
ke tla ba leleka Tempeleng ya ka.
Nke ke ka hlola ke sa ba rata,
mahosana a bona wohle ke bafetohedi.
16 Efraime ke fate se seng se rathilwe,
motso wa hae o se o omeletse,
a ke ke a hlola a beha ditholwana.
Esita leha a ka tswala bana
ke tla bolaya bana ba popelo ya hae,
bana bao a ba ratang haholo.”
17 Modimo wa ka o tla ba furalla,
hobane ha ba a ka ba mo mamela;
ba tla fetoha baleleri hara baditjhaba.