Kahlolo ya ho qetela ya Iseraele
1 Ha Efraime a bua,
tjhaba di ne di thothomela,
hoba o ne a le moholo
naheng ya Iseraele;
empa a kgumamela Baale,
kahoo a etsa sebe,
ka baka la sebe seo yaba o a shwa.
2 Jwale ba etsa sebe ho ya ho ile,
ba entse medingwana
ka silefera e qhibidisitswe,
ba etsa medingwana ya bona,
medingwana ya manamane,
kaofela ha yona
e le mesebetsi ya ditsebi.
Batho bana
ha ho buuwa ka bona ho thwe:
“Ha ba nyehela
ka mahlabelo a bona,
ba be ba ake
medingwana ya manamane.”
3 Kahoo ba tla tshwana
le mouwane wa hoseng,
ba je jwaloka phoka ya meso
e hlohlorehang,
ba be jwaloka mmoko
o fefolwang ke moya seotlong,
ba be jwaloka mosi
o foqohang hodima ntlo.
4 Empa Morena o re:
“Ke nna Morena Modimo wa hao,
ho tloha ha o le naheng,
naheng ya Egepeta.
Ha o a ka wa ba le Modimo e mong
kantle ho nna,
hobane ha ho Mopholosi e mong
kantle ho nna.
5 Ke o babaletse o le hara lehwatata,
o le naheng e omeletseng haholo.
6 Ka ba fepa, ba eja, ba ba ba kgora;
yare ha ba kgotshe
ba qala ho ikgohomosa,
kahoo yaba ba se ba ntebala.
7 Jwale ke tla ba futuhela,
ke ba futuhele sa lekakuba,
tseleng teng ke ba lalle sa lengau.
8 Ke tla ba futuhela
se bere e le tshehadi,
sa bere
e bolaetsweng madinyane a yona,
ke tsekolle maaparapelo a bona,
ke ba harole jwaloka tauhadi,
jwaloka hoja
ba harotswe ke sebatana.
9 “Wena Iseraele, ke tla o timetsa!
Ebe ke mang
ya ka tsebang ho o thusetsa?
10 E kae kgosi ya hao
e ke e o namolele,
e o sireletse metseng yohle ya hao?
Babusi bohle
ba metse ya hao ba kae,
bona bao o ne o bue ka bona,
wa re: o be o mphe le mahosana>? 11 Ka o nea kgosi eo ke halefile, ka ba ka o amoha yona ke halefile. 12 Bokgopo ba Efraime bo ngotswe bukeng, sebe sa hae se ke ke sa lebaleha. 13 Mahlaba a pelehi a tla tshwara mmae, empa Efraime ke ngwana ya sethoto, o lesisitheho ho belehwa ka nako ya teng. 14 “Na nka ba phemisa, ka ba phemisa Nqalo ya Bafu? Na nka ba lopolla tleneng tse lefu? wena lefu, lokisa mahloko a hao! Wena lebitla, tjhorisa motsu wa hao! Ha ke na ho ba le kutlwelobohloko! 15 Leha a ka atleha hara bana babo, moya o hlahang botjhabela o tla tsoha, moya o tswang ho Morena o tsohe lehwatateng; mohlodi wa Efraime o tla nyamela, sediba sa hae se kopotsang ebe se a psha. Matlo a polokelo ya hae a tla lobelwa, matlotlo wohle a bohlokwa a haptjwe. 16 Samaria e tla fumana kotlo, hobane e fetohetse Modimo wa yona. Baahi ba yona ba tla bolawa ka sabole, masea a bona a pshatlanngwe fatshe, baimana ba bona ba tabolakwe dimpa.”