Modimo o rata setjhaba sa bafetohedi
1 “Ke ratile Iseraele
e sa le lesea,
ka bitsa mora wa ka
hore a tswe Egepeta.
2 Ha ke ntse ke pheeletse
ho ba bitsa kgafetsa,
ba nna ba suthella thoko ho nna;
ba nyehella bo-Baale ka mahlabelo,
ba tjhesetsa medingwana mokubetso.
3 Ke nna ya rutileng Efraime,
ka mo ruta ho tataya,
ka mo nenesa ka letsoho la ka;
empa ha ba a ka ba ela hloko
hore ke nna ya ba hlokometseng.
4 Ke ne ke ba hula
ka kgwele tsa mohau,
ke ba hula ka mehala ya lerato;
ka tlosa joko molaleng wa bona,
ka inamela fatshe, ka ba fepa.
5 “Ba tla kgutla,
ba kgutlele naheng ya Egepeta,
ba buswe ke kgosi ya Asiria,
hobane ba hanne ho kgutlela ho nna.
6 Sabole e tla tsekema
hara metse ya bona,
e robe mekwallo ya dikgoro tsa bona,
merero ya bona yohle e e nyopise.
7 Tjhaba sa ka
se itheretse ho mphuralla;
leha se ka ipiletsa
ho Ya Hodimodimo,
ha a ka ke a ba a se hlomamisa hape.
8 “Wena Efraime, nka o lahla jwang?
Wena Iseraele,
ka neelana ka wena jwang?
Nka o timetsa sa Adema jwang?
Ka o etsisa Seboime jwang?
Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo,
lerato la ka le a hlasimoloha.
9 Nke ke ka phetha tsa kgalefo ya ka,
nke ke ka timetsa Efraime hape,
hoba nna ke Modimo, ha ke motho;
ke Ya Halalelang ya dulang hara lona,
ha nka ke ka tla ke halefile.
10 Etlare ha Morena a puruma sa tau,
tjhaba sa hae se mo sale morao;
etlare ha a puruma,
bana ba hae ba tle,
ba tle ba thothomela,
ba etswa bophirima.
11 Ba tla pakasela sa nonyana e fofa,
ba pakasele ba etswa Egepeta,
ba pakasele sa leeba ba etswa Asiria,
ke ba ahise matlung a bona,”
ho rialo Morena.
Sebe sa Iseraele le Juda
12 Efraime o nteetse hare,
a nteela hare ka mashano,
ba ntlo ya Iseraele bona ka thetso;
Juda yena o ntse a fetohetse Modimo,
Modimo ya tshepahalang,
Modimo ya halalelang.