HOSEA 1

1 Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri.

Mosadi wa Hosea le bana ba hae

2 Ha Morena a qala ho bua le Hosea a na a re ho yena:

“Tsamaya, o yo nyala,

o nyale mosadi wa seotswa,

o inkele le bana,

bana ba bootswa ba hae,

hobane lefatshe le furaletse Morena,

la mo furalla

ka ho hloka botshepehi.”

3 Yaba Hosea o a ya, o nyala Gomere, moradi wa Dibelaime; yena a emola, mme a mo tswalla mora.

4 Jwale Morena a re ho Hosea:

“Mo ree lebitso la Jesereele,

hoba haufinyane

ntlo ya Jehu ke tla e otla,

ke e otle,

ke phetetse madi a Jesereele,

bokgosi ba Baiseraele ke bo fedise.

5 Mohlang oo seqha sa Iseraele

ke tla se roba,

ke se robele kgohlong ya Jesereele.”

6 Gomere a boela a emola, mme a beleha ngwana wa ngwanana. Morena a re ho Hosea:

“Yena o mo ree

lebitso la Mohanuwa,

hoba ke tla hana

ho hauhela Baiseraele,

le ho ba tshwarela

nke ke ka ba tshwarela.

7 Empa ke tla hauhela

ba ntlo ya Juda,

nna Morena Modimo wa bona,

ke ba pholose.

Ha nka ke ka ba pholosa

ka seqha kapa sabole,

kapa ka ntwa

kapa dipere kapa bapalami.”

8 Ha Gomere a se a kgwesitse Mohanuwa, a boela a emola, a tswala mora e mong.

9 Yaba Morena o re:

“Yena o mo ree lebitso la Lebamang,

hoba lona ha le setjhaba sa ka,

le nna ha ke Modimo wa lona.

Baiseraele ba tla kgutliswa

10 “Empa Baiseraele

ba tla ngatafala,

ba ngatafale sa lehlabathe la lewatle

le ke keng la methwa

leha e le ho balwa.

Moo ho neng ho thwe ho bona:

,

ho tla thwe:

.

11 Bajuda le Baiseraele ba tla kopana,

ba ikgethele mookamedi a le mong;

ba hole, ba atlehe naheng ya bona,

hoba tsatsi la Jesereele

le tla ba leholo!