Botle ba Tempele e ntjha
1 Ka letsatsi la mashome a mabedi a motso o mong la kgwedi ya bosupa, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re:
2 “Bua ho Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda, le ho Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le ho masalla wohle a setjhaba, o ba botse, o re:
3 4 Empa jwale beta pelo, wena Serubabele!> ho rialo Morena. 5 6 “Morena wa mabotho o bua tjena: 7 Ke tla sisinya ditjhaba tsohle, mme matlotlo a ditjhaba kaofela a tla tliswa ka Tempeleng, e be e tlale tlotla ya ka,> ho rialo Morena wa mabotho. 8 9 10 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi ya borobong, ka selemo sa bobedi sa puso ya Dariuse, Morena a bua ho moporofeta Hagai, a re: 11 “Morena wa mabotho o bua tjena: 12 Ha motho a ka phuthela nama e halaleditsweng ka lemeno la kobo ya hae, ebe lemeno leno le thetsa bohobe, kapa lesheleshele, kapa veine, kapa ole, kapa sejo se seng feela, na tseo le tsona di tla halaletswa?> ” Baprista ba mo araba, ba re: “Tjhe!” 13 Yaba Hagai o re: “Haeba motho ya silafaditsweng ke ho ama setopo a ka thetsa e nngwe ya dintho tseo tse boletsweng, na di ka silafala?” Baprista ba mo araba, ba re: “E, di tla silafala.” 14 Yaba Hagai o re: “ 15 “ 16 Ha motho a ne a eya setheng sa mabele, seo a lekanyang hore se etsa boima ba dikilo tse makgolo a mabedi, o ne a fumana tse lekgolo feela. Ha e mong a ne a eya morifing wa veine, ho ya kga dilethara tse lekgolo, o ne a fumana tse mashome a mane feela. 17 Ke ile ka senya dijalo tsa lona ka phori, le ka boroku, le ka sefako, empa ha le a ka la kgutlela ho nna,> ho rialo Morena. 18 19 Na ho sa na le peo e setseng ka sesiung? Ho fihlela jwale difate tsa morara, le tsa feiye, le tsa dikgarenate, le tsa mohlwaare, ha di eso behe ditholwana! “ 20 Ka letsatsi la mashome a mabedi a metso e mene la kgwedi, Morena a boela a bua ho Hagai, a re: 21 “Bolella Serubabele, mmusisi wa Juda, hore ke tla reketlisa mahodimo le lefatshe. 22 Ke tla phethola diterone tsa dikgosi, ke fedise matla a mebuso ya baditjhaba. Ke tla phethola dikariki tsa ntwa le ba di palameng; dipere di tla shwa, le bapalami ba tsona ba bolayane ka disabole tsa bona. 23 “Mohla tsatsi leo, wena mohlanka wa ka, Serubabele, mora wa Shealetiele, ke tla o nka, ke o sebedise jwaloka lesale la ka la tiiso, hobane ke o kgethile,” ho rialo Morena wa mabotho.Moporofeta o botsa baprista
Morena o ba tshepisa tlhohonolofatso ya hae
Morena o etsetsa Serubabele tshepiso