ESEKIELE 33

Modimo o kgetha Esekiele ho ba molebedi

1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, bua le setjhaba sa heno, o re ho sona:

3 Ha a bona naha e futuhelwa ka sabole, o ye a letse lenaka, a hlabele setjhaba mokgosi.

4 Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng.

5 Ka ho se natse mokgosi o hlajwang ke lenaka, ke yena ya ipolaileng. Empa hojane a ela mokgosi oo hloko a ka be a ile a pholoha.

6 Le teng haeba molebedi a bona ho futuhelwa setjhaba ka sabole, feela a sa letse lenaka ho hlabela setjhaba mokgosi, eba motho e mong o bolawa ka sabole, motho eo o tla shwa ka baka la bokgopo ba hae, empa madi a motho eo wona ke tla a batla ho molebedi eo.>

7 “Jwale wena ngwana motho, ke o entse molebedi wa ntlo ya Iseraele; ka baka leo, ha o utlwa lentswe le tswang ho nna, o ba nee keletso ya ka.

8 Ha nna ke re ho ya kgopo: eba wena ha o mo eletse, kapa wa mo kgalemella ditsela tsa hae tse kgopo, motho eo ya kgopo o tla shwa ka baka la sebe sa hae, mme madi a hae wona ke tla a batla ho wena.

9 Empa ha o eletsa ya kgopo, feela a sa kgutle bokgopong ba hae, o tla shwa ka baka la sebe sa hae, empa wena o tla be o ipholositse.

Boikarabelo ba motho ka mong

10 “Ka baka leo, wena ngwana motho, bua le ba ntlo ya Iseraele, o re:

11 Ere ho bona:

12 “Ka baka leo, wena ngwana motho, ere ho setjhaba sa heno:

13 Ha ke re ho ya lokileng ruri o tla phela, empa a itshepela ho loka ha hae, mme a etsa bobe, ha ho le e nngwe ya dintho tse lokileng tseo a di entseng e tla hlola e sa hopolwa; o tla shwa ka baka la bokgopo boo a bo entseng.

14 Le teng ha ke re ho ya kgopo: eba jwale o kgutla dibeng tsa hae, o etsa ho lokileng le ho nepahetseng,

15 o kgutlisa se neng se beilwe paneng, o kgutlisa le seo a neng a se utswitse, o boloka ditaelo tse phedisang, ha a sa hlola a etsa bokgopo, ruri o tla phela, a ke ke a shwa.

16 Ha ho le se seng sa dibe tseo a ileng a di etsa pele se tla hlola se sa hopolwa. O entse ho lokileng, ho nepahetseng, mme ruri o tla phela.

17 “Empa setjhaba sa heno se re: athe ke tsela ya sona e sa lokang.

18 Ha ya lokileng a furalla ho loka ha hae, a etsa bokgopo, o tla shwa ka baka la bokgopo boo.

19 Empa ha ya kgopo a furalla bokgopo ba hae, a etsa ho lokileng, ho nepahetseng, ka ho etsa jwalo o tla phela.

20 Feela lona ba ntlo ya Iseraele le re: Ke tla ahlola e mong le e mong wa lona ho ya ka ditsela tsa hae.”

Ditaba tsa ho haptjwa ha Jerusalema

21 Ka letsatsi la bohlano la kgwedi ya leshome selemong sa leshome le metso e mmedi sa ho thopuwa ha rona, motho e mong ya neng a ile a phonyoha Jerusalema a fihla ho nna, a re: “Motse o hapilwe!”

22 Ka la maobane, mantsiboya, motho eo a eso ka a fihla ho nna, matla a tswang ho Morena a ne a ile a ntsukutla. Hoseng, motho eo a eso ka a fihla ho nna, Morena a rarolla leleme la ka, ka tseba ho bua.

Dibe tsa setjhaba

23 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

24 “Wena ngwana motho, setjhaba se ahileng dithakong tsa naha ya Iseraele se re:

25 Ka baka leo, ere ho sona:

26 Le tshepile disabole tsa lona, le etsa dintho tse manyala, kaofela ha lona le a feba; jwale naha ee e ka ba ya lona jwang?>

27 “Ere ho sona:

28 Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona.

29 Ha ke se ke fetotse naha nanaola, e le lefeella, ka baka la manyala wohle ao ba a entseng, ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.>

Ditholwana tsa molaetsa wa moporofeta

30 “Wena ngwana motho, setjhaba sa heno se buisana ka wena se le pela marako le menyakong ya matlo, se re:

31 Setjhaba sena se tla ho wena, jwalokaha batho ba nne ba phuthehe, ba dule kapele ho wena, ba mamele dipolelo tsa hao, empa ba sa di phethe. Ka melomo ya bona ba bua jwalokaha eka ke batho ba nang le lerato, empa dipelo tsa bona di nyoretswe ho rua ka bolotsana.

32 Ho batho bao wena o sebini feela se binang ka lentswe le monate, se tsebang ho letsa seletsa. Dipolelo tsa hao tsona ba a di utlwa, empa ha ba di phethe.

33 “Ha tsena di phethahala, mme di tla fela diphethahale, ke hona ba tla tseba hore moporofeta o ne a le teng hara bona.”