ESEKIELE 30

Morena o tla otla Egepeta

1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, porofeta, o re:

“A tsatsi le madimabe!”

3 Tsatsi leo le se le atametse,

tsatsi la Morena le se le atametse!

E tla ba tsatsi

la ho phethesela ha maru,

e be tsatsi la ho ahlola baditjhaba.

4 Egepeta e tla futuhelwa

e futuhelwe ka disabole,

Kushe yona e aparelwe ke ditlokotsi,

ha banna ba ewa mofela

naheng ya Egepeta,

matlotlo a yona ba a lobela,

metheo ya yona ba e fata,

ba e heletsa!

5 “

ba Pute le ba Lode,

ba mefuta yohle le ba Kube,

le banna ba naha

e itlammeng ka selekane,

ba tla bolawa le Baegepeta,

ba bolawe ka disabole.

6 “

ba tla bolawa,

mokgetho wa mabotho a yona

o ripitlwe;

ho tloha Migedole

ho ya fihla Sefene,

bohle ba tla wa,

ba bolawe ka sabole,

ho rialo Morena Modimo.

7 “

e fetang tsohle,

metse ya yona e be masupi

a fetang wohle.

8 Ha ke tjhesa hlaha

naheng ya Egepeta,

bohle ba thusanang le yona

ke ba ripitla,

ke hona ba tla tseba

hore ke nna Morena.

9 “

10 “

ke tla fedisa,

ke a fedise ka Nebukadenesare,

kgosi ya Babilona.

11 Kgosi Nebukadenesare

le bahlabani bohle ba hae,

tjhaba se sehloho

ho feta ditjhaba tsohle,

ba tla romelwa ho ripitla naha ena;

Egepeta ba tla e futuhela,

ba e futuhele ka disabole,

naha yohle

ba e tlatse topo tsa babolauwa!

12 Melatswana ya noka ya Nile

ke tla e pshesa,

ke neelane ka naha

matsohong a ba kgopo.

Naha le tsohle tsa yona

ke tla di etsa nanaola,

ke di etse nanaola

ka tsoho la baditjhaba,

ke nna Morena ya buileng jwalo.

13 “

medingwana ya bohata,

ke fedise tshwantsho tsa medimo,

ke di fedise naheng ya Nofa;

ha ho sa tla ba le kgosana

naheng ya Egepeta,

pelong tsa Baegepeta

teng ke kenye tshabo.

14 Patarose ke tla e fetola e be nanaola,

ke tjhese hlaha

kahara motse wa Sowane,

motse wa Tebese wona ke o otle.

15 Kgalefo ya ka

ke tla e hlatsetsa hodima Sine,

Sine eo e leng qhobosheane,

qhobosheane ya Egepeta,

mabotho a Tebese wona ke a ripitle.

16 Ke tla tjhesa hlaha

kahara naha ya Egepeta,

Sine e meneke ke ho utlwa bohloko;

marako a Tebese wona a tla heletswa,

ka matsatsi wohle

Nofa e phele ka ditlokotsi.

17 Bahlankana ba Afene

le ba Pi-Besete

ba tla bolawa ka sabole

thekong ya ntwa,

baahi ba metse ena

ba ye bothopuweng.

18 Mohla ke robang joko ya Egepeta,

motse wa Tahepanehese

o tla aparelwa ke lefifi,

matla a wona a boikgohomoso,

wona a fele.

Leru le letsho le tla kwahela Egepeta,

baahi ba yona ba iswe bothopuweng.

19 Ha ke otla Egepeta

ka wona mokgwa ona,

Baegepeta ba tla tseba

hore ke nna Morena.> ”

Ho fela ha matla a kgosi ya Egepeta

20 Ka letsatsi la bosupa la kgwedi ya pele selemong sa leshome le motso o mong, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:

21 “Wena ngwana motho, ke robile letsoho la Faro, kgosi ya Egepeta. Ha le a ka la tlamellwa hore le tle le fole, leha e le ho qahathiswa ka dithupa hore le tle le matlafale, le tsebe ho tshwara sabole.

22 Ka baka leo, Morena Modimo o re: Ke lwantshana le Faro, kgosi ya Egepeta. Ke tla roba matsoho a hae a mabedi, le phelang hantle le le robehileng, mme ke tla etsa hore sabole e we letsohong la hae.

23 Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele.

24 Ke tla matlafatsa matsoho a kgosi ya Babilona, ke e tshwarise sabole ya ka, empa ke tla roba matsoho a Faro, yena a dumaele kapele ho sera sa hae, modumaelo wa hae o ke wa motho ya shwang.

25 Matsoho a kgosi ya Babilona wona ke tla a matlafatsa, empa a Faro wona a tla lepella feela. Etlare ha ke tshwarisa kgosi ya Babilona sabole ya ka, mme kgosi eo e e otlollela hodima naha yohle ya Egepeta, Baegepeta ba tsebe hore ke nna Morena.

26 Ke tla qhalakanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba qhalanyetse dinaheng disele, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”