Boporofeta bo nyatsang Egepeta
1 Ka letsatsi la leshome le metso e mmedi la kgwedi ya leshome selemong sa leshome, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
2 “Wena ngwana motho, tadima Faro, kgosi ya Egepeta, o mo porofetele, o be o porofetele le naha yohle ya Egepeta.
3 O mmolelle, o re: “ moraparapa wa kganyapa o phelang dinokeng, o ithorisang ka ho re: “Noka ena ke ya ka, ke nna ka seqo ya iketseditseng yona,” tseba, wena Faro, hore ke a o lwantsha! 4 Ka dilope mehlahare ya hao ke tla e qadipa, tlhapi tsa noka ya hao ke di kgomarise mahehefeng a hao; ke o hoholele kantle ho dinoka tsa hao, tlhapi tsohle tsa noka ya hao di kgomaretse mahehefeng a hao. 5 Ke tla o akgela kahara lehwatata, wena le ditlhapi tsohle tsa dinoka tsa hao. O tla re polopoqo! kahara mmanana, ho se be ya o nkang hore a o epele. Topo sa hao se tla jewa ke dibatana, se jewe ke matlaka a sollang hodimo. 6 “ ba tsebe hore ruri Morena ke nna, hobane Baegepeta e ne e le lere la Iseraele, e le lere la lehlaka, motemekwane. 7 Ha Baiseraele ba itshwarella ka wena, o ila peperana, wa ba hlaba ka mahafing; ha ba leka ho ikokotlela ka wena, yaba o a robeha, ba tswenetseha matheka. 8 “ 9 Naha ya Egepeta e tla fetoha nanaola, mme Baegepeta ba tla tseba hore ke nna Morena, hobane Faro yena o itse: “Noka ena ke ya ka, e entswe ke nna.” 10 Ka baka lena he, ke a o lwantsha, wena le dinoka tsa hao, mme naha ya Egepeta ke tla e ripitla, ke e fetole nanaola, ho tloha Migedole ho ya fihla Sefene, le ho ya fihla meeding ya Kushe. 11 Ha ho motho kapa phoofolo e tla ke e hate hodima yona, mme Egepeta ha e ka ke ya hlola e eba le baahi ka dilemo tse mashome a mane. 12 Hara dinaha tsohle tse sentsweng, Egepeta ke tla e etsa nanaola e fetang tsohle, mme hara metse e ripitlilweng, metse ya Egepeta e tla ba masupi ka dilemo tse mashome a mane. Ke tla qhalanya Baegepeta hara ditjhaba tse ding, ke ba hasanye hara dinaha disele. 13 “ 14 Ke tla ba kgutlisa bothopuweng, ke ba busetse Patarose, naheng ya baholoholo ba bona, mme teng ba tla thea mmuso o fokolang. 15 E tla ba mmuso o fokolang ho feta mebuso yohle, mme o ke ke wa hlola o busa ditjhaba tse ding, hobane ke tla o fokodisa hoo o ke keng wa hlola o tseba ho busa ditjhaba tse ding. 16 Egepeta e ke ke ya hlola e eba setshehetso sa setjhaba sa Iseraele, empa etlare ha Baiseraele ba e bona, e ba hopotse sebe sa bona sa ho batla thuso ho yona. Kahoo Baiseraele ba tla tseba hore ke nna Morena Modimo.> ” 17 Ka letsatsi la pete la kgwedi ya pele selemong sa mashome a mabedi a metso e supileng, lentswe la Morena la fihla ho nna, la re: 18 “Wena ngwana motho, Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, o ile a etsa hore mabotho a hae a futuhele motse wa Tire ka sekgahla se seholo. Meqeqeko eo bahlabani ba neng ba e jere e ile ya ba phumola mafatla, mahetla a bona a phumoha dibebe. Empa yena le bahlabani ba hae ha ho moputso oo ba ileng ba o fumana ka ho futuhela Tire. 19 Ka baka lena, Morena Modimo o bua tjena: Naha ya Egepeta ke tla e nea Nebukadenesare, kgosi ya Babilona. O tla hapa matlotlo a yona, a lobele dintho tsa yona, mme tsena e be moputso wa bahlabani ba hae. 20 Ke mo neile naha ya Egepeta e le moputso wa mosebetsi oo a ileng a nketsetsa wona, ho rialo Morena Modimo. 21 “Mohla tsatsi leo, ke tla matlafatsa setjhaba sa Iseraele, ke rarolle leleme la hao, o bue moo bohle ba ntseng ba utlwa, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.”Kgosi Nebukadenesare o tla hlola naha ya Egepeta