ESEKIELE 28

Boporofeta bo nyatsang kgosi ya Tire

1 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

2 “Wena ngwana motho, bolella kgosana ya Tire, o re:

o bile o re: Nna ke modimo,

ke dutse teroneng ya Modimo,

e potapotilweng ke mawatle.

Empa o motho, ha o modimo,

le hoja o re o bohlale sa Modimo.

3 Na o bohlale ho feta Daniele?

Ha ho sephiri

se patehileng ho wena?

4 Ka bohlale ba hao

le ka kutlwisiso ya hao,

o ile wa ipokellela matlotlo,

wa bokella kgauta le silefera,

wa di bokella matloleng a hao.

5 Ka tsebo ya hao e kgolo ya kgwebo,

o ile wa atisa matlotlo a hao;

ka baka la maruo ao a hao,

boikakaso ba hao le bona ba tota.

6 “

o re o bohlale jwaloka Modimo,

7 ke tla tlisa baditjhaba ba o futuhele,

baditjhaba ba sehloho ho feta bohle;

ka sabole tsa bona

ba tla senya botle ba hao,

ba senye le tsohle tsa bohlale ba hao,

tlotla ya hao ba e silafatse.

8 Ba tla o dihela ka mohohlong,

o shwe lefu le sehloho haholo,

lefu la ba shwelang bodibeng,

bodibeng ba lewatle.

9 Na ha o shebana le babolai ba hao,

o tla nno ipolele, o re o modimo?

Ha o le matsohong a babolai ba hao

o tla nno be motho, e seng Modimo.

10 O tla bolawa ke baditjhaba,

o shwe lefu la maqai,

hobane ke buile jwalo, ho rialo

Morena Modimo.> ”

Ho hlolwa ha kgosi ya Tire

11 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

12 “Wena ngwana motho, binela kgosi ya Tire kodi-ya-malla, o re ho yona:

bo ne bo phethehile,

bohlale ba hao bo se na tekanyo,

botle ba hao le bona bo ritelehile.

13 O no phela Edene,

rapeng sa Modimo,

mekgabo ya hao

e le mahakwe a bohlokwa:

dirubi, didaemane le ditopase;

berile, kareneleane, le jasepere;

safire, emeraleda le karanete.

Mekgabiso ya hae e ne e le ya kgauta,

tsena tsohle o no di etsetswe,

wa di etsetswa mohla tlholeho ya hao.

14 O no tlotswe,

wa ba kerubime e sireletsang,

nna ka seqo, ke o beile jwalo.

O no le thabeng ya Modimo,

thaba e halalelang,

o tsamaya hara majwe

a phatsimang sa malakabe.

15 Ho tloha mohla letsatsi,

tsatsi la tlholeho ya hao,

ho fihlela bokgopo

bo fumanwa ho wena,

tsela tsa hao di ne di se na kodi.

16 Ka baka la ho nama

ha kgwebo ya hao,

pelo ya hao e ila tlala sehloho,

yaba jwale wena o etsa sebe.

Kahoo ka o leleka

thabeng ya Modimo,

ka o leleka ke ho silafala ha hao,

ka o timetsa,

wena kerubime e sireletsang,

ka o tlosa hara majwe

a phatsimang sa malakabe.

17 Ka baka la botle ba hao

o ila ikakasa,

tlotla ya hao

ya silafatsa bohlale ba hao;

kahoo yaba nna ke o lahlela fatshe,

ke o etsa sekao hore dikgosi di bone!

18 O silafaditse dihalalelo tsa hao,

wa di silafatsa

ka bongata ba makgopo a hao,

wa di silafatsa

ka ho hweba ka bolotsana;

kahoo ke tla hotetsa mollo

kahare ho wena,

wona o o tjhese, o be o o timetse,

ke o fetole molora hodima lefatshe,

moo batho bohle

ba ntseng ba o bona.

19 Tjhaba tsohle tse o tsebang

di tla o makalla;

pheletso ya hao e tla ba e sehloho,

o ke ke wa hlola o eba teng,

o eba teng kamehla yohle.> ”

Boporofeta bo nyatsang Sidone

20 Lentswe la Morena la boela la fihla ho nna, la re:

21 “Wena ngwana motho, tadima Sidone, o e porofetele.

22 Ere ho yona:

tseba hoba ke a o lwantsha,

tlotla ya ka

ke tla e bonahatsa ka wena;

bohle ba tla tseba

hore ke nna Morena,

ha ke ahlola baahi bohle ba hao,

ke etsa sesupo sa hore ke a halalela.

23 Sidone ke tla e dihela lefu,

ke e dihele lefu la sewa,

madi a phalle diterateng tsa yona.

Babolauwa e tla ba mofela,

e be mofela diterateng,

kahohle sabole e tla ba bolaya;

kahoo ba tla tseba

hore ke nna Morena.

Baiseraele ba tla hlohonolofatswa

24 “

25 “

26 Ba tla phela teng ka kgotso, ba hahe matlo, ba leme masimo a morara. E, ba tla phela teng ka kgotso ha ke se ke ahlotse bohle ba ahelaneng le bona, ba neng ba ba nyedisa. Kahoo ditjhaba tseo di tla tseba hore ke nna Morena Modimo wa tsona.> ”