Boporofeta bo nyatsang Baamone
1 Lentswe la Morena la fihla ho nna, la re:
2 “Wena ngwana motho, tadima Baamone, mme o ba porofetele.
3 Ere ho bona: 4 ka baka lena, ke tla neelana ka lona ho banna ba tswang Botjhabela, le be bahlanka ba bona. Ba tla hloma ditente tsa bona hara lona, ba hahe teng. Ba tla ja ditholwana tsa lona, ba nwe lebese la lona. 5 Raba ke tla e fetola lekgulo la dikamele, metse ya Amone yona ke e fetole mapatlelo a dinku, mme le tla tseba hore ke nna Morena. 6 Morena Modimo o bua tjena: Le ile la opa diatla, la tilatila fatshe ka maoto, mme la nyedisa naha ya Iseraele ka dipelo tsa lona tsohle; 7 ka baka leo, ke tla otlollela letsoho la ka hodima lona, ke neelane ka lona ho baditjhaba. Ke tla le ripitla hore le se hlole le eba setjhaba hara ditjhaba tse ding le hore le se hlole le eba le naha, ke le timetse le tle le tsebe hore ke nna Morena.> ” 8 Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha ba Moabe le ba Seire ba itse: 9 ke tla etsa hore metse ya Moabe e meeding, metse ya Bete-Jeshimote le Baale-Meone le Kiriataime, eo e leng tlotla ya naha eo, 10 e futuhelwe ke banna ba tswang Botjhabela. Ke tla neelana ka Bamoabe hammoho le Baamone setjhabeng sa Botjhabela, hore e be bahlanka ba sona, e le hore Baamone ba se hlole ba hopolwa hara ditjhaba. 11 Ke tla otla Bamoabe, mme ba tla tseba hore ke nna Morena.” 12 Morena Modimo o bua tjena: “Erekaha Edomo e ipheteditse ho ba ntlo ya Juda, mme ya eba molato o moholo ka ho etsa jwalo, 13 Morena Modimo o bua tjena: 14 Ke tla iphetetsa hodima Edomo ka letsoho la setjhaba sa ka sa Iseraele. Se tla otla Baedomo ho ya ka bohale ba ka le kgalefo ya ka, mme bao ba tla tseba boiphetetso ba ka, ho rialo Morena.> ” 15 Morena Modimo o bua tjena: “Kaha Bafilesita ba ipheteditse ka dipelo tse lonya, mme ka baka la bora ba bona ba kgale ba ne ba rata ho timetsa Juda, 16 Morena Modimo o bua tjena: 17 Ke tla iphetetsa haholo ka bona, ka dikotlo tse tshabehang. Mohla ke iphetetsang ka bona ke hona ba tla tseba hore ke nna Morena.> ”Boporofeta bo nyatsang Moabe
Boporofeta bo nyatsang Edomo
Boporofeta bo nyatsang Bafilesita